Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 23:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba le porofetelang; ba le tshepisa bosawana, ba bolela tshenolo ya dipelo tsa bona, e seng e tswang molomong wa Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Morena wa mabotho o bua tjena: “Le se ke la mamela mantswe a baporofeta, ba le porofetelang ka ho le bolella mafeela; ba bua ka dipono tse tswang mehopolong ya bona, e seng tse tswang ka molomong wa Morena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 23:16
26 Referencias Cruzadas  

Tsedekia, mora Kenaana, o ne a iketseditse dinaka tsa tshepe, a re: Ho itswe ke Jehova: Ka tsena o tla thula Basiria, o be o ba qete.


Ba ba ba lahla melao ya hae, le selekane seo a neng a se hlabile le bontata bona, le ditemoso tsa hae tseo a ba neileng tsona; ba latela masawana, ba ipebola, ba etsisa ditjhaba tse ba teetseng hare, tseo Jehova a neng a ba laetse, a re, ba se ke ba etsa jwaloka tsona.


Morena wa Iseraele a bokanya baporofeta, e le banna ba makgolo a mane, a re ho bona: Hleka re tla futuhela Ramothe-Gileade, kapa ke lese na? Ba re: Nyoloha, Modimo o tla o neela matsohong a morena.


Mora wa ka, lesa ho mamela dikgothatso, haele moo o ntse o kgeloha ditaba tsa bohlale.


Yaba Jehova o re ho nna: Baporofeta ba ba porofetela leshano ka lebitso la ka; ha ke a ka ka ba roma, ha ke a ka ka ba nea taelo, ha ke a ka ka bua ho bona. Ba le porofetela pono tsa leshano, le bonohe, le bosawana, le thetso ya dipelo tsa bona.


Ho itswe ke Jehova: Bontata lona ba kile ba fumana bokgopo bofe ho nna, ha ba kile ba ya hole le nna, ba tsamaela bosawana, mme ba fetohile bosawana?


Ha ke a ka ka roma baprofeta bao, mme bona ba mathile; ha ke a ka ka bua le bona, mme bona ba porofetile.


Hoo ho tla ba jwalo ho le hokae pelong tsa baporofeta bao, ho porofeta leshano le ho porofeta thetso ya dipelo tsa bona na?


Hobane ba entse manyala hara Iseraele, ba febile le basadi ba banababo bona, ba hlile ba bolela mantswe a leshano ka lebitso la ka, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona. Ke mpa ke tseba hoo, mme ke paki, ho bolela Jehova.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le se ke la nna le thetswa ke baporofeta ba lona ba hara lona, le ke dinohe tsa lona; le se ke la mamela balori ba lona bao le batlang ditoro ho bona.


Motho ya hlalefileng ke mang? A ke a lemohe taba tsena; eo molomo wa Jehova o buang le yena a ke a re tsebise hore na ke ka baka lang ha ho sentswe lefatshe, leha le tjhesitswe jwaloka lefeella, ho se ya fetang teng na?


Ka baka leo, basadi, mamelang lentswe la Jehova, ditsebe tsa lona di ke di amohele lentswe la molomo wa hae; le rute baradi ba lona ho bina pina ya bofifi, motho a rute wa habo kodiyamalla.


Menyako ya hae e diketse fatshe; o sentse, o robakantse mekwallo ya yona; morena wa hae le babusisi ba hae ba ditjhabeng; molao ha o sa le yo, le bona baporofeta ba hae ha ba sa fumana dipono ho Jehova.


e leng baporofeta ba Iseraele, ba neng ba porofetela Jerusalema, ba neng ba mmonela dipono tsa kgotso, kanthe ha ho kgotso: ho rialo Morena Jehova.


le hona ha le sa tla bona dipono tsa lefeela, ha le sa tla etsa bonohe. Ke tla namolela setjhaba sa ka diatleng tsa lona, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.


Morena Jehova o re: Ho madimabe baporofeta ba mawatla, ba yang ka kelello tsa bona, ba buang ba sa ka ba bona letho.


Ba nang le dipono tsa lefeela le bonohe ba bohata, ba re: Ho itswe ke Jehova! athe Jehova ha a ba roma, mme ba tshepile hoba o tla tiisa mantswe a bona.


Baporofeta ba yona ba peqa ntho tseo kaofela ka seretse se sa tsebisahaleng. Ba na le dipono tsa lefeela, ba ba nohela leshano, ba re: Morena Jehova o re ... athe Jehova ha a ka a re letho.


Hoja motho o teng ya tsamaelang lefeela le bohata, ya thetsang ka ho re: Ke tla o porofetela bakeng sa veine le jwala! ekabeba moporofeta eo ke ya ka lokelang setjhaba sena.


Phemang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba apere kobo ya nku, empa kahare e le diphiri tse hapakang.


Hobane, leha ba tsebile Modimo, ha ba ka ba o tlotlisa ka ho re, ke Modimo, mme ha ba ka ba o leboha; empa ba fetohile mawatla mehopolong ya bona, mme dipelo tsa bona, tse hlokang kelello, di fifetse.


Baratuwa, le se ke la dumela meya yohle, le mpe le leke meya, hore na ke e tswang ho Modimo; hobane baporofeta ba bohata ba tlile lefatsheng ba le bangata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos