Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 22:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 o re: Mamela lentswe la Jehova, wena morena wa Juda, ya dutseng teroneng ya Davida, wena le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao, bao le kenang ka menyako ena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 o re: ‘Mamela lentswe la Morena, wena kgosi ya Juda, wena ya dutseng teroneng ya Davida, wena le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao se kenang ka dikgoro tsena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 22:2
18 Referencias Cruzadas  

Mikea a re: Mamela polelo ya Jehova ke hona; Ke bone Jehova a dutse teroneng ya hae, le makgotla wohle a mahodimo a eme pela hae ka ho le letona le ho le letshehadi.


Marena a Sodoma, utlwang lentswe la Jehova, le sekehele molao wa Modimo wa rona ditsebe, lona tjhaba sa Gomorra!


Ka baka leo, utlwang lentswe la Jehova, lona basomi, ba busang setjhaba sena sa Jerusalema!


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Bolella morena le mofumahadi, o re: Ikokobetseng, le ke le dule fatshe, hobane moqhaka wa kganya ya lona o wele dihloohong tsa lona.


o re: Mamelang lentswe la Jehova, lona marena a Juda le baahi ba Jerusalema. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya tlisetsa nqalo ena bobe boo e mong le e mong ya bo utlwang, ditsebe tsa hae di tla re tsii.


Ho itswe ke Jehova: O theohele ka tlung ya morena wa Juda, mme teng o mmolelle lentswe lena,


Ha le boloka lentswe lena hantle, ho tla nne ho kene ka menyako ya ntlo ena marena a dutseng teroneng ya Davida, a ntse a kene makoloing, a palamile dipere; ke bolela yena morena le bahlanka ba hae le setjhaba sa hae.


Le mpeng le mamele lentswe la Jehova, lona, ba kgolehong kaofela, bao ke ba ntshitseng Jerusalema, ke ba isitse Babilona.


Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Eya, o bolelle Tsedekia, morena wa Juda, o re o yena: Ho itswe ke Jehova: Bona, ke ya neela motse ona matsohong a morena wa Babilona, a tle a o tjhese ka mollo.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova bakeng sa Jojakime, morena wa Juda: A ke ke a ba le mora ya tla dula teroneng ya Davida, mme setopo sa hae se tla lahlelwa kantle komellong ya letsatsi le serameng sa bosiu.


Eya, o eme monyako wa ntlo ya Jehova, o howeletse lentswe lena teng, o re: Mamelang lentswe la Jehova, lona Bajuda kaofela ba kenang ka menyako ena ho tla kgumamela Jehova.


Ha ho le jwalo, badisa, mamelang lentswe la Jehova.


Jwale, utlwa lentswe la Jehova, wena o reng: O se ke wa porofeta hodima Iseraele, o se ke wa bua hodima ntlo ya Isaaka;


O tla ba moholo, mme o tla bitswa Mora wa Ya hodimodimo; Morena Modimo o tla mo nea terone ya Davida ntatae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos