Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 21:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mme bakeng sa ntlo ya morena wa Juda mamelang lentswe la Jehova:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 “Hape bolella ba ntlo ya bokgosi ba Juda, o re: ‘Mamelang lentswe la Morena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 21:11
6 Referencias Cruzadas  

Bolella morena le mofumahadi, o re: Ikokobetseng, le ke le dule fatshe, hobane moqhaka wa kganya ya lona o wele dihloohong tsa lona.


mme o re ho bona: Mamelang lentswe la Jehova, marena a Juda, le Bajuda bohle, le baahi kaofela ba Jerusalema ba ntseng ba kena ka menyako ena.


Lona ntlo ya Davida, Jehova o re: Etsang kahlolo e lokileng ka hosasa ho hong le ho hong, le namolele mofutsana matsohong a ya mo tubang, esebe kgalefo ya ka e ka tswa jwaloka mollo, e a tjhesa, mme ho se be ya ka e timang ka baka la bolotsana ba diketso tsa lona.


Ho itswe ke Jehova: O theohele ka tlung ya morena wa Juda, mme teng o mmolelle lentswe lena,


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova bakeng sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda: A ke ke a llelwa ka ho re: Jo! ngwaneso! leha e le: Jo! kgaitsedi! A ke ke a llelwa ka ho re: Jo! morena! Jo! bokgabane ba hae!


Ke itse: Utlwang he, lona dihlooho tsa Jakobo, lona marena a ntlo ya Iseraele; na hase lona le tshwanetseng ho tseba se lokileng,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos