Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 20:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya o neela ho tshoha, wena le metswalle ya hao yohle; ba tla wa ka lerumo la bao e leng dira ho bona, o bone hoo ka mahlo; ke tla neela Juda kaofela matsohong a morena wa Babilona, a tle a ba ise kgolehong, Babilona, a ba bolaye ka lerumo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Morena o bua tjena: ‘Ke tla etsa hore o itshabe, le metswalle yohle ya hao e o tshabe. Metswalle eo ya hao e tla bolawa ke dira tsa yona ka sabole, mme tsena o tla di bona ka mahlo a hao. Baahi bohle ba Juda ke tla neelana ka bona matsohong a kgosi ya Babilona; yona e tla ba thopa, e ba ise Babilona, e ba bolaye ka sabole.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 20:4
22 Referencias Cruzadas  

Bara ba Tsedekia ba bolawa pela mahlo a hae; Tsedekia a ntoo phunngwa mahlo, a tlangwa ka mahlaahlela a koporo, mme a iswa Babilona.


Ba fedile jwang hanghang! Ba timela, ba senyeha, ba wa ba tshohile hampe.


Setjhaba sena se kgopo se hanang ho utlwa lentswe la ka, se tsamayang ka ditakatso tsa pelo ya sona, se latelang medimo ya ditjhaba ho e sebeletsa le ho e kgumamela, se tla ba jwaloka senyepa sena se se nang thuso;


Metse e nqa borwa e kwaletswe, mme ha ho ya e bulang; Juda kaofela o iswa kgolehong, o iswa kaofela kgolehong.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya tlisetsa motse ona le metse yohle ya mona dikotsi kaofela tseo ke di boletseng bakeng sa yona; hobane ba sataladitse melala ya bona, hore ba tle ba se ke ba utlwa lentswe la ka.


Mme wena Pashkure, le ba ahileng tlung ya hao kaofela, le tla ya kgolehong; o tla ya Babilona, o shwele teng; mme o tla patwa teng, le metswalle ya hao kaofela eo o ntseng o e porofetela leshano.


bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, bakeng sa Akabe, mora Kolaia, le sa Tsedekia, mora Maaseia, ba ntseng ba le porofetela leshano ka lebitso la ka: Bonang, ke ya ba neela matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona, a tle a ba bolaye mahlong a lona.


Ke ba bona keng ba thothomela, ba kgutla kasanthao, le bahale ba bona ba qhadilwe keng, mme ba baleha keng ba sa retelehe? Ho tshabeha ka nqa tsohle, ho bolela Jehova.


Molaodi wa balebedi a nka Seraia, moprista e moholo, le Sofonia, moprista ya hlahlamang, le balebedi ba bararo ba menyako.


Morena wa Babilona a ba otla, a ba bolaela Ribla, lefatsheng la Hamathe. Juda a falatswa jwalo lefatsheng la hae, a iswa kgolehong.


Le se ke la tswela naheng, le se nke maeto, hobane lerumo la sera le teng, ho tshabeha ka nqa tsohle.


Monna wa ba heno eo ke sa mo kgaolang aletareng ya ka, o tla salla ho llisa mahlo a hao, le ho hlomola pelo ya hao, mme bohle ba hlahang tlung ya hao, ba tla timela botjheng ba bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos