Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 20:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Jehova wa makgotla o leka ya lokileng, o sheba matheka le dipelo. Nke ke bone boiphetetso ba hao ho bona, hobane ke o laeleditse nyewe ya ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Empa wena Morena mabotho, wena ya hlahlobang ba lokileng, wena ya bonang botebo ba dipelo tsa batho, a nke ke bone ha o iphetetsa hodima bona, hobane nyewe ya ka ke e beile kapele ho wena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 20:12
26 Referencias Cruzadas  

Morena Joase ha a ka a elellwa molemo oo Jehojada, ntata Sakaria, a neng a mo etseditse wona; a bolaya mora wa hae; mme eo, ho shweng ha hae, a re: Jehova a ke a bone, mme a ahlole!


Jehova o lekola ya lokileng; moya wa hae o hloile ya kgopo le ya ratang sehloho.


Modimo, o ntlhohlotse, o lekole pelo ya ka;


O lekola pelo ya ka, o e batlisisa le ka bosiu; o ntekile, mme ha o ka wa fihlela bobe ho nna; bokgopo ha bo yo molomong wa ka.


hobane o ntopolotse ditsietsing tsa ka kaofela, mme mahlo a ka a bone tshenyeho ya bao e leng dira ho nna.


Ke moo ya lokileng a tlang ho thaba, ha a bona phetetso; o tla hlatswa maoto a hae mading a molotsana;


Modimo wa ka o nthakile ka mohau wa wona, Modimo o thabisa mahlo a ka ka tshenyeho ya bao e leng dira ho naa.


Lona, setjhaba, le itshepise ka wona kamehla, le tshollele dipelo tsa lona pela wona! Modimo ke setshabelo sa rona. (Sela.)


Lonya la bakgopo ha le ke le fele, o tiise ya lokileng, wena ya lekolang dipelo le matheka, Modimo o lokileng!


O thabise moya wa mohlanka wa hao, hobane ke phahamisetsa moya wa ka ho wena, Morena.


Ebile Esekiase o nka lengolo matsohong a manqosa, a le bala; yaba Esekiase o nyolohela tlung ya Jehova, a le phutholla pela Jehova.


Ka ba ka lla jwaloka moholodi le lefokotsane, ka bohola jwaloka leebakgorwana; mahlo a ka a kgathala ke ho lelala hodimo! Jehova, ke matswalong, o mpoloke!


Empa, oho Jehova wa makgotla, moahlodi ya lokileng ya lekang matheka le dipelo, ke tla bona boiphetetso ba hao ho bona, hobane ke o laeleditse nyewe ya ka.


Ho nna lefa la ka le jwaloka tau e morung, le a mpurumela; ke le hloile ke hona.


Ke nna Jehova ke lekolang pelo, ke lekang matheka, ke tle ke busetse ho e mong le e mong ka mokgwa wa hae le ka tholwana ya diketso tsa hae.


Ba ntlhorisang ba ke ba hlabiswe dihlong, empa nna ke se ke ka hlabiswa dihlong, ba ke ba tlakasele, empa nna ke se ke ka tlakasela. Ako ba hlahisetse tsatsi le lebe, o ba hatakele ka ho hatakela habedi.


enereha a rohakwa, o ne a sa rohake; ha a ne a utlwiswa bohloko, o ne a sa bope; empa o ne a tshepa ya ahlolang ka ho loka;


Ka baka leo, ba utlwiswang bohloko ka ho rata ha Modimo, ba bee meya ya bona matsohong a wona, kahobane e le Mmopi ya tshepehang, mme ba nne ba tiisetse ho etsa hantle.


Nyakallang ka baka la wona, wena lehodimo, le lona bahalaledi, baapostola, le baporofeta, hobane Modimo o tiisitse kahlolo eo le o ahlotseng ka yona!


Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae.


Ya howa ka lentswe le phahamileng, ya re: Morena ya halalelang, wa nnete, o tla dieha ho le hokae ho ahlola le ho lefetsa madi a rona ho ba ahileng lefatsheng?


Empa Anna a fetola, a re: Tjhe, monga ka, ke mosadi ya pelo e bohloko; ha ke a ka ka nwa veine, leha e le seno se bodila, ke mpa ke ntse ke tsholla moya wa ka pela Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos