Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 2:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ha ba ka ba re: O kae Jehova, ya re nyolotseng lefatsheng la Egepeta, ya re tsamaisitseng lefeelleng, naheng e tshehla, ya dikoti, naheng e omileng, ya moriti wa lefu, naheng e se nang motho ya fetang teng, leha e le motho ya ahileng teng?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Ke hobaneng ba sa kang ba botsa, ba re: ‘O kae Morena ya re nyolotseng naheng ya Egepeta, yena ya ila re fetisa hara lehwatata, naheng ya mahlabathe le ya madumela; naha e sekaka, e leng naha ya matshabeho, eo ho seng ya kila tsamaya ho yona, eo motho a eso phele ho yona?’

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 2:6
26 Referencias Cruzadas  

A nka kobo ya Elia, e weleng ho yena, a phutla metsi ka yona, a re: O kae Jehova, Modimo wa Elia? Hobane le yena a phutle metsi, a arohela ka nqa tse pedi, mme Elisha a tshela.


A le patwe ke botsho le ke moriti wa lefu, leru le ke le le kwahele, mme le ke le tshabiswe ke se fifatsang letsatsi.


Empa ha ho ya botsang, a re: Modimo, Mmopi wa ka, o kae,


Leha nka tsamaya kgohlong ya moriti wa lefu, nke ke ka tshoha bobe leha bo le bong, hobane o na le nna; lere la hao le seikokotlelo sa hao ke tsona tse ntshedisang.


Ke hopola matsatsi a kgale le dilemo tsa boholoholo.


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.


Ditsietsing tsohle tsa bona a ba tsietsing le bona, lengeloi la sefahleho sa hae la ba pholosa; o ba lopolotse ka lerato le ka mohau wa hae, a ba tiisa, a ba jara mehleng yohle ya boholoholo.


Ha ho motho ya rapelang lebitso la hao, ya tsohang ho itshwarella ka wena; ka baka leo, o re patetse sefahleho sa hao, o re qhibidisitse ka baka la makgopo a rona.


Neang Jehova, Modimo wa lona, letlotlo, a eso ho hlahise lefifi, maoto a lona a eso ho kgoptjwe dithabeng tsa bosiu, a eso ho fetole lesedi leo le le lebeletseng moriti wa lefu, le ho hlahisa botsho.


Baprista ha ba ka ba re: O kae Jehova? Le ba tshwereng molao ha ba ka ba ntseba; le badisa ba kile ba nkwenehela le baporofeta ba nnile ba porofeta ka Baale, ba tsamaela ba sa thuseng letho.


Ba latotse Jehova, ba itse: Ha a yo; tsietsi e ke ke ya re hlahela, re ke ke ra bona lerumo leha e le tlala;


Leha ba re: Jehova o a phela, leha ho le jwalo, ba ana ka leshano.


Metse ya hae e entswe lesupi feela, naha e tshehla le lefeela, lefatshe le se nang motho ya ahileng ho lona, leha e le ngwana motho ya fetang ka lona.


Ka moporofeta Jehova o ntshitse Iseraele Egepeta, le ka moporofeta Iseraele o kile a bolokwa.


Athe nna ke Jehova Modimo wa hao, haesa le o etswa lefatsheng la Egepeta; kantle ho nna, ha o tsebe Modimo o mong, le Mopholosi ha a yo, haese nna.


Hape, ke nna ke neng ke le ntshe lefatsheng la Egepeta, ka le tsamaisa feelleng ka dilemo tse mashome a mane, le tle le rue naha ya Baamore;


setjhaba se neng se dutse lefifing, se bone lesedi le leholo; mme lesedi le tjhabetse ba neng ba dutse naheng ya lefu le moriting wa lona.


Eitse ha re tloha Horebe, ra tsamaya le nahathothe yane kaofela e kgolo, e tshabehang, eo le e boneng, ra ya ka tsela ya thaba ya Baamore, jwalokaha Jehova, Modimo wa rona, a ne a re laetse, mme ra fihla Kadeshe-Barnea.


Jehova o mo fumane a le nahathothe, feelleng le tshabehang ka bobe le ka mehoo ya tshenyeho; a mo teela hare kahohle, a mo hlokomela, a mo boloka jwaloka hoja e le thaka ya leihlo la hae.


Hopola tsela yohle eo Jehova, Modimo wa hao, a o tsamaisitseng ka yona feelleng ka dilemo tsena tse mashome a mane, hore o kokobetswe, o lekwe, mme ho bonwe tse pelong ya hao, hore na o tla boloka ditaelo tsa hae, kapa tjhe.


Gideone a re ho lona: Oho, Monghadi, ha ekaba Jehova a ena le rona, tseo tsohle di re hlaheletseng? E kae mehlolo ya hae kaofela eo bontata rona ba re boleletseng yona, ba re: Na hase Jehova ya re nyolotseng Egepeta? Jwale, Jehova o re furaletse, o bile o re neetse matsohong a Bamidiane!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos