Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 2:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Utlwang lentswe la Jehova, lona ntlo ya Jakobo le lona meloko kaofela ya ntlo ya Iseraele!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Lona ba ntlo ya Jakobo, le ba malapa wohle a ntlo ya Iseraele, utlwang lentswe la Morena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 2:4
14 Referencias Cruzadas  

Mamelang lentswe leo Jehova a le bolellang lona, ntlo ya Iseraele:


Utlwang, le mamele; le se ke la ithorisa, hobane ho bua Jehova.


o re: Mamelang lentswe la Jehova, lona marena a Juda le baahi ba Jerusalema. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya tlisetsa nqalo ena bobe boo e mong le e mong ya bo utlwang, ditsebe tsa hae di tla re tsii.


Iseraele e ne e le ntho e kgethehileng ho Jehova, dithakangwaha tsa leruo la hae; ba mo jang bohle ba ne ba na le molato, ba ne ba hlahelwa ke bobe, ho bolela Jehova.


Ho itswe ke Jehova: Bontata lona ba kile ba fumana bokgopo bofe ho nna, ha ba kile ba ya hole le nna, ba tsamaela bosawana, mme ba fetohile bosawana?


Mohlang oo, ho bolela Jehova, ke tla ba Modimo wa meloko yohle ya Iseraele, yona e be setjhaba sa ka.


Na ha o bone seo setjhaba sena se se bolelang, ha se re: Meloko e mmedi eo Jehova a neng a e kgethile, o hlile o e lahlile! Ba nyedisa setjhaba sa ka hore se se ke sa hlola se eba setjhaba pontsheng ya bona.


Leha ho le jwalo, o mamele lentswe la Jehova, wena Tsedekia, morena wa Juda: Ho itswe ke Jehova bakeng sa hao: O ke ke wa shwa ke lerumo;


Mamela hle, setjhaba se sethoto, se se nang kelello, se nang le mahlo, empa ha se bone, se nang le ditsebe, empa ha se utlwe.


Eya, o eme monyako wa ntlo ya Jehova, o howeletse lentswe lena teng, o re: Mamelang lentswe la Jehova, lona Bajuda kaofela ba kenang ka menyako ena ho tla kgumamela Jehova.


Utlwang lentswe la Jehova, lona bana ba Iseraele! Hobane Jehova o ya tsekisa baahi ba lefatshe, hobane ha ho nnete le mohau lefatsheng, mme Modimo ha o tsejwe teng.


Utlwang he seo Jehova a se bolelang: Ema, o tseke pontsheng ya dithaba, maralla le wona a utlwe lentswe la hao!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos