Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 2:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Hobane e se e le kgale o robile joko ya hao, o lokolotse ditlamo tsa hao, wa re: Ha ke sa tla sebeletsa. Ke moo o ineetseng bootswa marallaneng wohle a phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 “Joko ya hao ke kgale o no e robe, marapo a yona wona wa a kgaola, wa re: ‘ha ke sa tla ba lekgoba la hao!’ Yaba o hlwella hodima maralla, tlasa difate tse talana wa lelera, wa paqama fatshe ho etsa bootswa.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 2:20
50 Referencias Cruzadas  

Jeroboame a ntoo hloma mokete ka kgwedi ya boroba meno e le mmedi, ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi, o kang mokete o etswang Juda; mme a hlaba mahlabelo aletareng. A etsa jwalo le Bethele, a hlabela manamane ao a a entseng, mme a bea Bethele baprista ba nqalo tse diphahameng, tse hahilweng ke yena.


Hobane le bona ba iketsetsa nqalo tse diphahameng le ditshwantsho le diashera, maralleng wohle a phahameng le tlasa difate tsohle tse tala.


a ba ntsha lefifing le moriting wa lefu, a roba ditlamo tsa bona.


Ba re: A re kgaoleng ditlamo tsa bona, re kwele mehala ya bona.


ba baka bohale ba wona ka dinqalo tsa bona tse diphahameng, le poulelo ya wona ka ditshwantsho tsa medimo ya bona.


Setjhaba kaofela sa araba hammoho, sa re: Tsohle tseo Jehova a di buileng re tla di etsa.


Yaba Moshe o ya, a phetela setjhaba mantswe wohle a Jehova le ditaelo tsohle tsa hae, mme setjhaba sa araba ka ntswe le le leng, sa re: Taba tsohle tse boletsweng ke Jehova re tla di etsa.


Ke theohile ho ba namolela matsohong a Baegepeta, le ho ba ntsha naheng eo, ke ba ise naheng e ntle, e kgolo, naheng e kollang lebese le dinotshi, moo ho ahileng Bakanana, le Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse.


Na motse o tshepehileng o fetohile jwang seotswa? O ne o tletse toka, ho loka ho ne ho ahile ho wona, empa jwale o tletse babolai.


Mehleng eo, boima ba Assiria bo tla tloswa lehetleng la hao, le joko ya hae molaleng wa hao, joko e robehe ka baka la ho nona ha hao.


Ke tla roba Baassiria lefatsheng la ka, ke ba hatakele ka maoto dithabeng tsa ka, hore batho ba ka ba lokollwe jokong ya bona, ba jarollwe phahlo ya bona melaleng ya bona.


Hobane joko eo se neng se e jara, le thupa e neng e otla mahetla a sona, le molamu wa mohlorisi wa sona, a di robile jwalokaha o entse mohla Midiane.


Bofebe ba hao le ditakatso tsa hao tse dumang, bootswa bo tlodisang ba hao ke bo bone dithabeng le dithoteng; ke bone manyala a hao! Jo! wena Jerusalema, ha o ka ke wa ntlafala ho isa ho le hokae!


Jwalokaha ba hopola bana ba bona, ba hopola dialetare tsa bona jwalo le diashera tsa bona pela difate tse mahlaku, marallaneng a maleletsana.


A lona ba mofuta! mamelang lentswe la Jehova: Na nkile ka ba naha e tshehla ho Iseraele, kapa naha ya lefifi le letsho na? Setjhaba sa ka se bolela jwang, ha se re: Re tla nne re mathela mane le mane; ha re sa tla kgutlela ho wena?


Feela o ipolele bokgopo ba hao, hobane o kwenehetse Jehova, Modimo wa hao, o nnile wa mathela ka nqa tsohle ho medimo ya ditjhaba, katlasa difate tsohle tse mahlaku; le mpa le sa ka la mamela lentswe la ka, ho bolela Jehova.


Tsatsing lona leo, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla robakanya joko molaleng wa hao, ke kgaole marapo a hao; ba ditjhaba ha ba sa tla mo rua.


Ke tla ya ho ba baholo, ke bue le bona, hobane bona ba tseba tsela ya Jehova le molao wa Modimo wa bona. Empa le bona kaofela ba robile joko, ba lokolotse ditlamo.


O mpa o sa ka wa kgolwa ke tseo, wa boela wa boka le bana ba Assiria; le teng, leha o ba bokile, ha o a ka wa kgolwa.


wa ya haha moaho wa hao o sedikwadikwe makopanong wohle a ditsela, wa etsa dinqalo tse diphahameng tsa hao mapatlelong wohle; o mpa o sa ka wa tshwana le seotswa kahohle, etswe o ne o kgesa moputso;


Ba tla tjhesa matlo a hao ka mollo, ba o otle ka dikahlolo pontsheng ya basadi ba bangata; ke tla etsa hore o phetse ho ba seotswa, mme ha o sa tla nea ba bang moputso.


Ka fela ka ba isa naheng eo ke neng ke emisitse letsoho la ka, ka re, ke tla ba fa yona, mme teng ba bona maralla wohle a phahameng le difate tsohle tse mahlaku; teng, ba hlaba mahlabelo, ba hlahisa dinyehelo tsa bona tse mphephetsang, ba re, ba bea dibano tse monko o monate, ba ba ba tshela ditshelo tsa bona.


Leha e ne e le wa ka, Ohola a boka, a ratana haholo le barati ba hae, e leng batho ba Assiria ba ahisaneng le yena,


Mohla Jehova a qalang ho bua le Hosea, a re ho yena: Eya, o inkele mosadi wa mofebi le bana ba bofebe, hobane lefatshe le feba ka ho tlohela Jehova.


hobane mma bona ke mofebi, ya ba belehileng o entse tse dihlong; hobane o itse: Ke tla latela dinyatsi tsa ka, e leng tsona tse nneang bohobe ba ka le metsi a ka, le boya ba nku, le lene, le ole, le seno.


Ka re ho yena: Ka matsatsi a mangata o ntulele, o se ke wa feba, o se ke wa kopana le monna; le nna nke ke ka kopana le wena.


Hlorong tsa dithaba ba etsa mahlabelo, hodima maralla ba tjhesa dibano, tseo ba di etsa katlase ho eike le poplare le terebinthe, hobane moriti wa tsona o monate. Ke ka baka leo baradi ba lona ba iketsang diotswa, le dingwetsi tsa lona di etsang bofebe.


Se thabe, Iseraele, ka ho nyakalla, jwaloka ditjhaba tse ding, hobane o febile ka ho tlohela Modimo wa hao, mme o ratile moputso wa bofebe diotlong tsohle tsa koro.


Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, le tle le se ke la hlola le eba bahlanka ba bona; ke robile joko e neng e le imela, mme ke le tsamaisitse ka hlooho tse leletseng.


Jwale, ke tla roba joko ya hae e hodima hao, ke kgaole le ditlamo tsa hao.


Le tla fedisisa nqalo tsohle tseo ditjhaba tseo le yang ho di falatsa ha tsona di sebeleditseng medimo ya tsona teng, dithabeng tse telele, le maralleng, le tlasa difate tsohle tse tala.


O tla hopola hobane o bile mofo naheng ya Egepeta le hobane o lopolotswe teng ke Jehova, Modimo wa hao; ke ka baka leo ke o laelang hoo kajeno.


O tiisitse kajeno hoba Jehova ke Modimo wa hao, le hoba o tla tsamaya ditseleng tsa hae, o boloke melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, mme o utlwe lentswe la hae.


Haele lona, Jehova o le nkile, mme o le ntshitse Egepeta, seboping sa tshepe, hore le be setjhaba sa hae ka sebele, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Kapa a o teng Modimo o mong o kileng wa leka ho tla inkela setjhaba ka hara setjhaba se seng, ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka matsoso a maholo, jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le etseditse tsohle tse jwalo Egepeta, pela mahlo a lona na?


Wena, atamela, o mamele tsohle tseo Jehova, Modimo wa rona, a tla di bua, mme wena o tle o re phetele tsohle tseo Jehova, Modimo wa rona, a tla o bolella tsona, mme re tla di mamela, re di etse.


Ba araba Joshua, ba re: Re tla etsa ka tsohle tseo o re laetseng tsona, re ye le hohle moo o ka re romelang teng.


Ebile setjhaba se re ho Joshua: Jehova, Modimo wa rona, ke yena eo re tla mo sebeletsa, re utlwe lentswe la hae.


Joshua a ngola taba tseo bukeng ya molao wa Modimo, a ba a nka lejwe le leholohadi, a le emisa hona teng, tlasa eike e pela sehalalelo sa Jehova.


Yaba lengeloi le leng la a supileng a tshwereng dinkgo tse supileng, le tla ho nna, la re: Tloo, ke o bontshe kahlolo ya seotswa se seholo, se dutseng hodima metsi a mangata;


Bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova; ba sebeletsa boBaale le boAshtarothe, le medimo ya Siria, le medimo ya Sidone, le medimo ya Moabe, le medimo ya bana ba Ammone, le medimo ya Bafilesta; ba furalla Jehova, ba lesa ho mo sebeletsa.


Bana ba Iseraele ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme ba sebeletsa boBaale.


Ba furalla Jehova, mme ba sebeletsa Baale le boAshtarothe.


Ba hoeletsa ho Jehova, ba re: Re sitilwe, hobane re lahlile Jehova, ra ya, ra sebeletsa boBaale le Diashtarothe; jwale, re namolele matsohong a dira tsa rona, re tle re o sebeletse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos