Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 2:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ditawana di a mo purumela, di dumisa mantswe a tsona, di fetola lefatshe la hae tshenyeho feela; metse ya hae e tjhesitswe, e hlokile moahi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Tawana di a puruma, di a mo kgobolaka, naha ya hae di e fetotse nanaola, metse ya hae ke masupi, ha e na baahi.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 2:15
35 Referencias Cruzadas  

Ho fedile ho puruma ha tau le lentswe la lengau; meno a ditawana a kgorotswe;


Moya wa ka o hara ditau, ke robala hara batho ba phutsalatsang malakabe a mollo, hara batho bao meno a bona e leng marumo le metsu; le maleme a bona ke matlele a bohale.


Lefatshe la lona ke nahathothe, metse ya lona e tjhesitswe ka mollo, baditjhaba ba jesa masimo a lona mahlong a lona; tshenyo eo e jwaloka ya naha e sentsweng ke dira.


Bonang, Jehova o ya hlobodisa lefatshe, a le etse nahathothe, a le senye sebopeho, a qhalanye baahi ba lona.


Ho puruma ha bona ho ka ha tau e tshehadi, ba puruma jwaloka ditau tse ntjha, ba kurutla, ba tshwara kgapo, ba ya le yona; ha ho motho ya tla e hlwibila ho bona.


Jehova wa makgotla o boletse tsebeng tsa ka, a re: Ruri, matlo ao a mangata a tla fetoha dithako, matlo ao a matle a maholo a hloke ba tla phela teng.


Yaba ke re: Ho fihlela neng, Morena? A re: Ho fihlela metse e heleha, e hloka baahi, le matlo a hloka batho, le naha e senyeha, e eba lesupi;


Ho utlwahala modumo; bonang, o se o etla, ke moferefere o moholo o tswang lefatsheng la Leboya, ho fetola metse ya Juda masupi, letsaba la diphokojwe.


Mme wena, o ba porofetele mantswe ana kaofela, o re ho bona: Phahameng ya hae Jehova o ya duma, leahong le halalelang la hae o tla phahamisa lentswe; o purumela ntlo ya hae; modumo o kang wa ba hatang veine o o dumisetsa baahi bohle ba lefatshe.


bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.


O ntse o porofetelang ka lebitso la Jehova, o re: Ntlo ena e tla ba jwaloka Silo, le motse wona o tla senngwa, o be o hloke moahi? Yaba setjhaba kaofela se bokanela Jeremia ka tlung ya Jehova.


Hobane ho itswe ke Jehova: Haele nqalo ena eo lona le reng: E sentswe, ha e na batho leha e le dikgomo; leha e le metse ya Juda le diterata tsa Jerusalema tse dithako, tseo ho seng motho teng, leha e le moahi, leha e le kgomo;


Bonang, ke a laela, ho bolela Jehova, mme ba tla boela ho motse ona, ba o lwantshe, ba o hape, ba o t hese ka mollo, le metse ya Juda ke e etse lefeella le sa neng baahi.


Tau e tswile letsabeng la yona, mosenyi wa ditjhaba o futuhile, o tswile nqalong ya hae ho senya lefatshe la hao, metse ya hao e tle e ripitlwe, e be e hloke moahi.


Jehova o sitilwe hore a nne a iphapanye le bolotsana ba diketso tsa lona le manyala ao le neng le a etsa; ke moo lefatshe la lona le entsweng tshenyeho, le sebabatso, le thohako, lefatshe le se nang moahi, kamoo ho ntseng ho le kateng tsatsing lena.


Ka baka leo, tau ya moru e tla ba bolaya, phiri ya lefeella e ba qete, lengau le nanarele metse ya bona, e mong le e mong ya tswang ho yona a harolwe, hobane ditlolo tsa bona di ngata, mme ho atile bokwenehi ba bona.


Iseraele ke nku e lehlahileng, e phallelwang ke ditau; ka la pele morena wa Assiria o kile a mo ja; ka lena la morao, Nebukadresare, morena wa Babilona, o mo robakile masapo.


Ba tla puruma hammoho jwaloka ditau, ba lle jwaloka ditawana.


Jerusalema, baka, esere moya wa ka wa o furalla, esere ka o fetola lesupi, naha e se nang batho.


Ke tla phahamisa dillo le pokollo dithabeng, le makgulong a lefeella ke bine kodiyamalla, hobane a tjhesitswe, ha ho sa le motho ya fetang teng, ha ho sa utluwa dillo tsa mehlape; dinonyana tsa lehodimo le diphoofolo di balehile, di ile.


Ke tla etsa Jerusalema diqubu tsa majwe, letsaba la diphokojwe, le metse ya Juda ke e etse lesupi le hlokang moahi.


Ha ho le jwalo, o porofete, o re: Morena Jehova o re: Erekaha le entswe lefeella, mme la teelwa hare hore le timele, le tle le ruwe ke masala a ditjhaba, mme le fetohe thusolelo ya melomo le ya maleme, le sekgobo ho ditjhaba;


Ke tla o etsa dithako, ke o etse le sekgobo hara ditjhaba tse o teetseng hare, pontsheng ya bohle ba fetang ka tsela.


Ba tla latela Jehova. Jwaloka tau, o tla puruma, e, yena o tla puruma, mme bana ba hae ba tla itlhahanela ho yena, ba etswa bophirimela.


Hobane ke jwaloka tau ho Efraime, le jwaloka tawana ho ntlo ya Juda. Nna, nna ka sebele, ke a harola, ke ntoo ikela, ke nkile seo ke se hapileng, mme ha ho ya ka nkamohang sona!


Jehova o itse: Jwalokaha modisa a hlwibila maoto a mabedi a nku, kapa sekoto sa tsebe molomong wa tau, ho tla hlwibilwa jwalo bana ba Iseraele ba Samaria, ba dutseng dintlheng tsa malao le hodima diphate tse adilweng masela a Damaseka.


Na tau e rora morung, ho se seo e ka se harolang? Na tawana e utlwahatsa lentswe la yona lehaheng la yona, e sa tshwara letho na?


Tau e a rora: ya sa tlo tshoha ke mang? Morena Jehova o a bua: ya sa tlo porofeta ke mang?


Letsaba la ditau le kae, leo ditawana di neng di jela ho lona, moo ho neng ho santa tau e tona le e tshehadi le ledinyane la tau, ho se ya ka di tshosang?


Leha e le silifera ya bona, leha e le kgauta ya bona, di ke ke tsa tseba ho ba namolela tsatsing la kgalefo ya Jehova; mme ka mollo wa poulelo ya hae, lefatshe lohle le tla tjheswa, hobane o tla fedisa, a be a timeletse baahi bohle ba lefatshe ka sehloho.


Ho madimabe ba ahileng naheng e bapaneng le lewatle, setjhaba sa Bakerethe! Lentswe la Jehova le teng hodima hao, Kanana, lefatshe la Bafilesta; ke tla o timeletsa, o be o hloke le ya ka ahang ha hao!


Ke timeditse ditjhaba, marako a tsona a helehile; ke sentse mmila ya tsona; ho bile ho se ho se ya tsamayang teng, metse ya tsona e senyehile, ho bile ho se ho se le motho teng, ha ho sa le ya ka ahang teng.


Ho utlwahala dillo tsa badisa, hobane kganya ya bona e sentswe; ho utlwahala ho rora ha ditawana, hobane mahlaka a Jordane a sentswe.


Ha ho le jwalo, Samsone a theohela Thimna, a ena le ntatae le mmae; ba re ba sa fihla masimong a merara a Thimna, bonang, tawana ya teana le yena e puruma.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos