Jeremia 18:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)6 Ha ke re, le nna nka etsa ka lona, ntlo ya Iseraele, kamoo mmopi eo a entseng kateng, ho bolela Jehova? Bonang, jwalokaha letsopa le le letsohong la mmopi, le lona, ntlo ya Iseraele, le jwalo letsohong la ka. Ver CapítuloBIBELE6 “Na ke hore wena, ntlo ya Iseraele, nke ke ka o etsa jwalokaha sebopi se etsa ka letsopa la sona?” ho rialo Morena. “Seo letsopa le leng sona matsohong a sebopi, ke seo wena ntlo ya Iseraele, o leng sona matsohong a ka. Ver Capítulo |
Haele hobane o bone e mong wa balebedi ba halalelang a theoha lehodimong, a re: Remang sefate, le se senye; leha ho le jwalo, le siye kutu ya metso ya sona mobung, e mpe e holehuwe ka mahlaahlela a tshepe le a koporo, hara jwang ba dinaha, e be e kolobiswe ke phoka ya lehodimo, e arolelwe jwang ba lefatshe le diphoofolo tsa naha, ho fihlela ngwaha ha o feta hasupa hodima yona;