Jehova, sekeha tsebe ya hao, o utlwe; Jehova, tutubolla mahlo a hao, mme o bone, o utlwe mantswe ao Sankeribe a romileng motho ho nyedisa Modimo o phelang ka wona.
Hobane efela bohle ba ne ba leka ho re tshosa, ba re: Matsoho a bona a tle a tepellele mosebetsi, hore o tle o se ke wa etswa. Oho jwale, Modimo wa ka, o ke o matlafatse matsoho a ka!
Ba mpa ba re: Tloong, re ke re rere Jeremia, hobane molao ha o a fela ho baprista, le keletso ha e a fela ho ya hlalefileng, leha e le polelo ho moporofeta. Tloong, re mo hlabeng ka leleme, re se elellwe polelo le e nngwe ya hae.
Na ho ka buswa bobe bakeng sa botle, haele mona ba tjheketse bophelo ba ka lemena na? Hopola hobane ke ne ke ntse ke eme pela hao ho ba buella, hore ke kgelose kgalefo ya hao ho bona.