Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 18:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Leha ho le jwalo, setjhaba seo e leng sa ka se ntebetse, ba ile ho tjhesetsa ntho tsa lefeela dibano; ba kgelositswe tsela tsa kgale, le ho tsamaiswa mebileng esele, tseleng e sa katwang;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Empa tjhaba sa ka se ile sa ntebala, sa tjhesa mokubetso, sa o tjhesetsa medimo ya bohata; medimo ena e entse hore se be se kgoptjwe, se kgoptjwe ha se tsamaya tseleng tsa sona, ha se tsamaya tseleng tsa boholoholo; ya se hlahlathedisa tseleng tse kathoko, tse sa batallang, tse tletseng makukuno.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 18:15
35 Referencias Cruzadas  

ba hana ho utlwa, mme ha ba ka ba elellwa dimakatso tsa hao tseo o ba etseditseng tsona; ba mpa ba satalatsa melala ya bona, mme boikgantshong ba bona, ba ipeela morena, ba tle ba kgutlele kgolehong ya bona. Empa wena, o Modimo o tletseng tshwarelo le mohau le lereko, o diehang ho halefa, o tletseng kgauhelo; ke kahoo o sa kang wa ba furalla.


Haele setjhaba sa ka, se hatakelwa ke bana, basadi ba se busa. A setjhaba sa ka! batsamaisi ba hao ba o kgelosa, ba senya tsela eo o tsamayang ka yona.


Bonang, kaofela ha bona hase eng, mesebetsi ya bona ke lefeela le bosawana, ditshwantsho tsa bona ke pudulo feela.


Ho tla thwe: Batalatsang, batalatsang, le lokise tsela, le tlose dikgopiso tsohle tseleng ya setjhaba sa ka!


Tswelang, tswelang menyakong; le hlekele setjhaba mmila! Batalatsang, batalatsang tsela, tlosang majwe, le hlomele ditjhaba folaga!


e leng makgopo a lona le makgopo a bontata lona hammoho, ho bolela Jehova, ba neng ba tjhesa dibano hodima dithaba, ba ntlotlolla le hodima maralla; ka baka leo, ke tla ba lekanyetsa difubeng tsa bona moputso wa diketso tsa bona tsa pele.


Badisa ba setjhaba sena ba se kgelosa, ba dumelang ho diswa ba lahleha.


Ke tla bolela dikahlolo tsa ka hodima bolotsana bohle ba bona, hobane ba hlile ba ntlohoboha, ba ntse ba tjhesetsa medimo esele dibano, mme ba kgumamela mesebetsi ya matsoho a bona.


Ntho tseo ke bosawana, ke mesebetsi e somehang; mohla di kgalemelwang, di tla fela.


Esita le metse ya Juda le baahi ba Jerusalema, ba tla ya, ba howeletse ho medimo eo ba e tjhesetsang dibano, empa e ke ke ya ba thusa letho tsatsing la tsietsi ya bona.


Hobane wena Juda, palo ya medimo ya hao e ka ka ya metse ya hao; palo ya dialetare tse dihlong, e leng dialetare tsa ho tjhesetsa Baale dibano, e lekana palo ya diterata tsa Jerusalema.


Hobane Jehova wa makgotla, ya neng a o hlomile, o hlile a laela bobe bakeng sa hao, ka baka la bolotsana ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda, boo ba bo entseng, ba tle ba nkgalefise ka ho tjhesetsa Baale dibano.


Eo ke kabelo ya hao, karolo eo ke o lekanyetsang yona, ho bolela Jehova, hobane o hlile wa ntebala, mme o itshepetse leshano.


Oho Jehova, matla a ka, le qhobosheane ya ka, le setshabelo sa ka tsatsing la tlokotsi, ditjhaba di tla tla ho wena, di etswa pheletsong tsa lefatshe, mme di tla re: Ruri, bontata rona ba ruile leshano le mafeela a se nang thuso.


Tshepo ya Iseraele, Jehova ba o hlobohang kaofela ba ya hlabiswa dihlong. Ba nkwenehelang ba tla ngolwa lefatsheng, hobane ba hlobohile sediba sa metsi a phedisang, e leng nna Jehova.


Na lehlwa la Lebanone le ka tlohela lefika le naheng na? Na metsi a phallang, a phodileng, a tswang hole, a ka psha na?


mme ba hahetse Baale dinqalo tse diphahameng ho tjhesa bana ba bona teng ka mollo, e tle e be setjheso ho Baale, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, ke sa kang ka ba bolella sona, se sa kang sa itlhahela pelong ya ka;


Hobane setjhaba sa ka se entse dibe tse pedi: ba ntlhobohile, nna ke leng sediba sa metsi a kollang, mme ba itjheketse mamena, mamena a ngamohileng, a se nang ho boloka metsi.


O tla kgalemelwa ke bolotsana ba hao, o otlwe ke kweneho ya hao; o tla tseba, mme o bone hoba ho hloboha Jehova, Modimo wa hao, le ho se mo tshabe ke ntho e mpe, e babang: ho bolela Morena, Jehova wa makgotla.


Na morwetsana a ka lebala mekgabo ya hae, kapa monyaduwa a ka lebala senyepa sa hae? Empa setjhaba sa ka se ntebetse ka ditshiu tse sa balweng.


Lentswe le utlwahala dithoteng tse phahameng, ke dillo le merapelo ya bana ba Iseraele, hobane ba kgopamisitse tsela ya bona, ba lebetse Jehova, Modimo wa bona.


Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Lona le basadi ba lona, le boletse ka melomo ya lona, le bile le entse ka matsoho a lona seo le se boletseng, la re: Re tla nne re boloke dikano tsa rona tseo re di anneng, tsa ho tjhesetsa mofumahadi wa lehodimo dibano le ho mo tshollela dino. Jwale, ha le tiisitse dikano tsa lona, mme le bolokile dikano tsa lona,


Ntho tseo ke bohata, mesebetsi e somehang; mohla di kgalemelwang di tla fela.


Ho itswe ke Jehova: Emang ditseleng le tadime, le botse ditsela tsa kgale; botsang hore na tsela e ntle ke efe? mme le tsamaye ka yona, le tle le fumanele meya ya lona phomolo. Ba mpa ba re: Ha re na ho tsamaya teng.


Le reng? Le re, ho utswa, ho bolaya, ho feba, ho ana ka leshano, ho tjhesetsa Baale dibano, le ho tsamaela medimo esele eo le sa e tsebeng, le ka etsa tseo;


Ke hore dipelo di tle di qhibidihe, dikgopiso di tle di be ngata dikgorong tsa metse yohle, ha ke romela kgalemelo ya lerumo. Jo! le etseditswe ho hadima, le leoleditswe ho bolaya.


Ha nka ke ka hlola ke utlwahatsa dinyefolo tsa ditjhaba ha eno, ha o sa tla jara sekgobo sa ditjhaba, ha o sa tla kgopisa setjhaba sa heno: ho bolela Morena Jehova.


Ere ha baporofeta ba ba bitsa, ebe moo ba ba furallang; ba hlabela boBaale, ba tjhesetsa ditshwantsho dibano.


Ke tla mo kgalemela ka baka la matsatsi a boBaale ao a ba tjheseditseng dibano ka wona, a bileng a latela dinyatsi tsa hae, a ikgabisitse ka lesale le ka sefaha, athe nna a ntebala, ho bolela Jehova.


Ka baka leo, bonang, ke tla thiba tsela ya hae ka meutlwa, ke hahe lerako teng, a tle a se ke a hlola a fumana mmila wa hae.


Empa lona, le kgelohile tsela, le kgopisitse ba bangata ka molao; le sentse selekane sa Levi, ho bolela Jehova wa makgotla.


Le fetotse molao wa Modimo lefeela ka mokgwa oo le o neanang.


Ho hotle hore ho se ke ha jewa nama, ho se ke ha nowa veine, ho se ke ha etswa letho, leha le le leng, le ka kgopisang ngwaneno, leha e le ho mo kgolokgothehisa, leha e le ho mo fokodisa.


Ba mpouledisitse ka seo e seng Modimo, ba nkgalefisitse ka masawana a bona; le nna ke tla ba bouledisa ka setjhaba seo e seng setjhaba, ke ba halefise ka setjhaba se se nang kelello.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos