Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 17:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Le se ke la ntsha phahlo matlung a lona ka tsatsi la Sabatha; le se ke la etsa mosebetsi leha o le mong; le mpe le kgethe letsatsi la Sabatha kamoo ke laetseng bontata lona kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Le se ke la ntsha thoto ka matlung a lona, kapa la etsa mosebetsi ofe le ofe ka letsatsi la Sabatha. Empa lona le boloke letsatsi la Sabatha le halalela, jwalokaha ke ne ke laele bo-ntata lona moholo.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 17:22
19 Referencias Cruzadas  

Mehleng eo, ka bona batho ba hatang dihatelong ka Sabatha naheng ya Juda, le ba thothelang mangata hae, ba a belesitse diesele; le veine, le merara, le difeiye, le mesebetsi e meng ya mefuta, ba di tlisa Jersalema ka tsatsi la Sabatha; mme ka ba kgalemela ka letsatsi leo ba rekisang dijo ka lona.


O tla etsa mosebetsi wa hao ka matsatsi a tsheletseng, mme o phomole ka la bosupa, hore kgomo ya hao le esele ya hao di phomole le tsona, le hore mora lekgoba la hao le moditjhaba ba kgatholohe.


Ha o ka thibela maoto a hao hore a se ke a senya Sabatha, wa tela mosebetsi wa hao ka letsatsi la ka le kgethehileng; ha o ka bitsa Sabatha letsatsi la thabo, letsatsi le kgethehileng la Jehova wa le bitsa kgahliso ya hao, wa le hlompha ka ho lesa ho ya ka ditsela tsa hao, le ka ho se etse mosebetsi wa hao, le ka ho se bue ditaba tsa lefeela;


Ekare ha le nkutlwa, ho bolela Jehova, le sa tsamaise phahlo ka menyako ya motse ona ka tsatsi la Sabatha, le sa etse mosebetsi leha o le mong ka lona,


Ka ba nea le Disabatha tsa ka, hore e be pontsho mahareng a ka le bona, ya hore ba tsebe hoba ke nna Jehova ya ba halaletsang.


O nyedisa dihalalelo tsa ka, o silafatsa disabbatha tsa ka.


E mong le e mong ho lona a hlonephe ntatae le mmae, mme le boloke Disabatha tsa ka. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Ho tla sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke Sabatha, ke letsatsi la phomolo; ka lona phutheho e halalelang e tla ba teng. Le se ke la sebetsa mosebetsi leha o le mong; ke Sabatha ya Jehova meahong ya lona kaofela.


Le se ke la ba jwaloka bontata lona, bao baporofeta ba pele ba neng ba howa, ba re ho bona: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Kgutlang hle metsamaong ya lona e mebe, le diketsong tsa lona tse mpe! ... empa ha ba ka ba mamela, ha ba ka ba hlokomela lentswe la ka, ho bolela Jehova.


Ba kgutla, ba lokisa dinoko le ditlolo; mme ka letsatsi la Sabatha, ba phomola ka molao.


A ba a re ho bona: Mora motho ke morena le wa Sabatha.


Moya wa ka wa nkwa ka letsatsi la Morena, mme ka utlwa kamora ka lentswe le leholo le kang la terompeta, le re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos