Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 16:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hobane ho itswe ke Jehova: O se ke wa kena ka tlung ya dillo, o se ke wa ya ho bona ho lla le bona, le ho ba utlwela bohloko, hobane ke tlositse kgotso ya ka ho setjhaba sena, ho bolela Jehova, le lereko le mehauhelo ya ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Morena o bua tjena: “O se ke wa kena ka tlung e nang le bofifi, o se ke wa lla le ba ka ho yona kapa wa ba tshedisa, hobane ke amohile setjhaba sena kgotso ya ka le lerato la ka le kutlwelobohloko ya ka,” ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 16:5
13 Referencias Cruzadas  

Jehova, o elellwe mehauhelo ya hao le lereko la hao, hobane ke tsa kamehla!


Makala a teng ha a oma, a tla rojwa, basadi ba tla tla, ba a bese; hobane ke setjhaba se sa hlalefang; ka baka leo, ya se entseng a ke ke a se hauhela, ya se bopileng a ke ke a se rekolohela.


Basenyi ba ntse ba fihla marallaneng wohle a lefeella, hobane lerumo la Jehova le timetsa ho nka pheletsong e nngwe ya lefatshe ho isa pheletsong e nngwe; ha ho motho le a mong ya nang le kgotso.


ke thulanye e mong le wa habo, banna le bara hammoho, ho bolela Jehova. Nke ke ka ba le mohau, leha e le ho qenehela, leha e le ho hauhela hore ke se ba timetse.


Ka bake leo, ke tla le lelekisa lefatsheng lena, ke tle ke le ise lefatsheng le sa tsejweng ke lona le bontata lona, mme le tla sebeletsa medimo esele teng, motshehare le bosiu, hobane ha ke sa na ho le rekolohela.


O timile moya wa ka kgotso, le lebetse hore na ho ba le lehlohonolo keng?


Hobane pele ho tshiu tseo, moputso wa motho o ne o le siyo, le moputso wa phoofolo o ne o le siyo, mme ho ya yang le ho ya kgutlang ho ne ho se kgotso ka baka la sera; mme ke ne ke nehela batho bohle hore ba lwantshane.


Mohlang oo, kgalefo ya ka e tla ba tukela; ke tla ba tlohela, ke ba patele sefahleho sa ka; ba tla jewa ke mahloko a mangata, ba fihlelwe le ke mahlomola a mangata. Mohlang oo, ba tla re: Na hase kahobane Modimo wa rona o le siyo hara rona, re hlahetsweng ke mahloko ao na?


Mme ha tswa pere e nngwe e kgunong, mme ya e kaletseng a fuwa matla a ho fedisa kgotso lefatsheng, hore batho ba bolayane, mme a newa lerumo le leholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos