Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 16:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ka bake leo, ke tla le lelekisa lefatsheng lena, ke tle ke le ise lefatsheng le sa tsejweng ke lona le bontata lona, mme le tla sebeletsa medimo esele teng, motshehare le bosiu, hobane ha ke sa na ho le rekolohela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Ka baka leo, ke tla le phahla naheng ena, ke le ise naheng eo lona le bo-ntata lona le sa kang la e tseba. Naheng eo, bosiu le motsheare, le tla sebeletsa medimo esele, hobane nke ke ka le hauhela.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 16:13
21 Referencias Cruzadas  

Morena wa Babilona a ba bolaya, a ba timetsa Ribla, naheng ya Hamathe. Bajuda ba tloswa jwalo lefatsheng la bona, ba iswa kgolehong.


ke tla le kumola naheng ya ka eo ke le neileng yona; le ntlo ena, eo ke e kgethetseng lebitso la ka ke tla e lahla, ke e etse tshomo le sesomo ditjhabeng tsohle:


Ke moo ke ba tlohetseng boikgantshong ba pelo tsa bona, ba tle ba latele dikeletso tseo e leng tsa bona.


Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya betsa baahi ba lefatshe ka letjeketjane, ke ya ba patisa, ba tle ba tshwarwe.


Tshepo ya Iseraele, mopholosi wa hae tsatsing la tsietsi, na o ya ba jwaloka moditjhaba lefatsheng, kapa jwaloka moeti ya fapohang tsela ho hlola bosiu feela na?


Empa Jehova a re ho nna: Le hoja Moshe le Samuele ba ka ema pela ka, pelo ya ka e be e ke ke ya hauhela setjhaba sena. O tlo o se leleke pela ka, se tlohe.


Mme ke tla di fihlisa hammoho le bao e leng dira ho wena lefatsheng leo o sa le tsebeng, hobane mollo o tukile kgalefong ya ka, o le tuketse.


Ke tla ba neela ho tsukutlwa mebusong yohle ya lefatshe, ka baka la Manasse, mora Esekiase, morena wa Juda, le ka baka la seo a se entseng Jerusalema.


Hobane ho itswe ke Jehova: O se ke wa kena ka tlung ya dillo, o se ke wa ya ho bona ho lla le bona, le ho ba utlwela bohloko, hobane ke tlositse kgotso ya ka ho setjhaba sena, ho bolela Jehova, le lereko le mehauhelo ya ka.


Ka molato wa hao o tla senyehelwa ke lefa leo ke neng ke o neile lona; ke tla o etsa mofo wa bao e leng dira ho wena, lefatsheng leo o sa le tsebeng, hobane le tukisitse mollo wa kgalefo ya ka, o ya nne o tjhese ka ho sa feleng.


Ke tla o lahlela, wena le mmao ya o tswetseng, lefatsheng lesele moo le sa kang la tswallwa teng, mme le tla shwela teng.


Na motho eo, Jekonia, ke lefiso le nyediswang, le pshatlwang na? Kapa a ke mosebetsi o seng o se na thuso na? Ba lahlwa keng yena le lesika la hae, ho ya lahlelwa lefatsheng leo ba sa le tsebeng?


Mme ha le ka bolela, la re: Ke ka baka lang ha Jehova, Modimo wa rona, a re entse ntho tseo kaofela? o ba arabele ka ho re: Ke hobane le mo hlobohile, le sebeleditse medimo ya ditjhaba lefatsheng la lona; ka baka leo, le tla nne le sebeletse ditjhaba lefatsheng leo e seng la lona.


Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba ntse ba etsa manyala. Jo! ha ba tsebe ho hlabiswa dihlong, ha ba utlwe bohloko ba dihlong; ka baka leo, ba tla wa le ba wang; mohla ke ba kgalemelang, ba tla dihuwa, ho bolela Jehova.


Jehova o tla o isa, wena, le morena wa hao eo o tla ipeela yena setjhabeng seo wena le baholo ba hao o sa kang wa se tseba, mme teng o tla sebeletsa medimo esele e entsweng ka mahong le ka majwe;


Jehova o ba fothotse lefatsheng la bona ka kgalefo, ka bohale, le ka hlonamo e kgolo, mme o ba lahletse naheng esele, jwalokaha ho le jwalo le kajeno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos