eo lentswe la Jehova le kileng la tla ho yena mehleng ya Josiase, mora Amone, morena wa Juda, ka selemo sa leshome le metso e meraro sa ho busa ha hae.
Lentswe la Jehova la tla ho nna, la re: Eya, o howe ditsebeng tsa Jerusalema, o re: Ho itswe ke Jehova: Ke ntse ke hopola borapedi ba botjha ba hao le lerato la hao mohla ke o nyalang, ha o ne o ntse o ntshala morao lefeelleng, lefatsheng le sa lengweng.