Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 15:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Dintho tsa hao le letlotlo la hao ke ya di neela ho hapjwa, theko e be siyo, ka baka la dibe tsa hao tsohle tse meeding ya hao yohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Matlotlo a hao le maruo a hao, ke tla neelana ka wona, a etswe lelobelo ka thupa ya mmowana, ka baka la dibe tsohle tsa hao, dibe tseo o di entseng naheng ena yohle.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 15:13
8 Referencias Cruzadas  

o rekisitse lefeela ka setjhaba sa hao, ha o a ka wa thethesa theko ya sona.


Hobane Jehova o itse: Le rekilwe ka lefeela, mme le tla lopollwa ho se tefo.


Na ke tla etsang, ho bolela Jehova, ha setjhaba sa ka se tlositswe feela? Ba se etsetsang boima ba ithorisa ka sona, ho bolela Jehova; lebitso la ka le nyefolwa kamehla, ka tsatsi le leng le le leng.


Basadi ba bahlolohadi ba bona ba bangata pela ka ka ho fetisa lehlabathe la lewatle; ke tlisitse mosenyi ya senyang motshehare ho ba lwantsha, ho lwantsha mma ba batjha; ke dihetse thothomelo le tlakaselo hodima bona ka sehloho.


Thaba ya ka le masimo a yona, leruo la hao le matlotlo a hao kaofela, ke tla di neela kgapo, le tsona dinqalo tse diphahameng tsa hao, ka baka la sebe sa hao se meeding ya hao kaofela.


Ke tla neela maruo kaofela a motse ona, le mesebetsi yohle ya wona, le monono wohle o thata wa wona, le matlotlo kaofela a marena a Juda, ke di neele matsohong a bao e leng dira ho bona, ba tle ba di phahle, ba ye le tsona, ba di ise Babilona.


Sheba, le Dedane, le bahwebi ba Tarshishe, le ditawana tsohle tsa teng, ba tla re ho wena: Hleka o tlile ho hapa na? Hleka o bokeletse bongata boo ho tlatlapa thepa, hore o tle o be o ye le silefera le kgauta, o nke le mehlape le mesebetsi, ho hapa thepa e kgolo na?


Menono ya bona e tla lobelwa, matlo a bona a senngwe; ba tla haha matlo, empa ba ke ke ba dula ho wona; ba tla hloma merara, empa ba ke ke ba enwa veine ya yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos