Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 14:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yaba ke re: Jo! Jo! Morena Jehova, bona, baporofeta ba bona ba ba bolella, ba re: Ha le ka ke la bona lerumo, tlala ha e ka ke ya eba teng ho lona; hobane ke tla le nea kgotso e tiileng nqalong ena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Yaba ke re: “Ao! Morena Modimo, ako bone! Ke baporofeta ba ntseng ba re ho sona: ‘Le ke ke la bona sabole kapa la bolawa ke sekoboto. Ruri ke tla le nea kgotso ya kamehla yohle sebakeng sena.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 14:13
17 Referencias Cruzadas  

Dibohodi tsa hae ke difofu kaofela; ha di lemohe letho, ke dintja tse dimumu, tse sitwang ho bohola: di lora di bothile, di rata boroko.


Yaba ke re: Oho Morena Jehova, bona, ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngwana.


Mme wena Pashkure, le ba ahileng tlung ya hao kaofela, le tla ya kgolehong; o tla ya Babilona, o shwele teng; mme o tla patwa teng, le metswalle ya hao kaofela eo o ntseng o e porofetela leshano.


Ho boleleng ba bolella ba nnyedisang, ba re: Lentswe la Jehova le re: Kgotso e tla ba teng ho lona; le ho bohle ba tsamayang ka bothata ba dipelo tsa bona, ba re: Le ke ke la hlahelwa ke bobe.


Ba kae baporofeta ba lona ba nnileng ba le porofetela, ba re: Morena wa Babilona a ke ke a le futuhela, lona le lefatshe lena?


Yaba ke re: Jo! Morena Jehova, kannete o thetsitse setjhaba sena le Jerusalema, ha o itse: Le tla nne le be le kgotso, kanthe lerumo le hlile le ba hlaba ho ya fihla moyeng.


Ba latotse Jehova, ba itse: Ha a yo; tsietsi e ke ke ya re hlahela, re ke ke ra bona lerumo leha e le tlala;


haele baporofeta, ke moya feela, lentswe la Jehova ha le yo ho bona; ba ke ba etswe jwalo hle.


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba busa hammoho le bona, mme setjhaba sa ka se ikgahlisetsa teng. Le tla etsang qetellong?


Ba oka leqeba la moradi wa setjhaba sa ka ka bobebe, ka ho re: Kgotso! kgotso! kanthe ha ho kgotso.


Mme ba oka leqeba la moradi wa setjhaba sa ka ka bobebe, ka ho re: Kgotso! kgotso! kanthe ha ho kgotso.


hobane ho ke ke ha eba pono e nngwe ya mohlolo e tlang ho ba lefeela, leha e le boporofeta ba leshano tlung ya Iseraele, hobane ke nna Jehova.


Erekaha le hlomodisitse ka bohata pelo ya ya lokileng eo ke neng ke sa mo hlomodise, mme le natlafaditse diatla tsa e mobe, hore a se ke a sokoloha tseleng ya hae e mpe, a tle a tsebe ho pholoswa,


Hlooho tsa teng di ahlolela dimpho, baprista ba teng ba ruta ka baka la moputso, baporofeta ba teng ba noha ka baka la tjhelete; leha ho le jwalo, ba ikokotlela ka Jehova, ba re: Na Jehova ha a hara rona na? Bobe bo ke ke ba fihla hodima rona!


Empa, jwalokaha baporofeta ba bohata ba ile ba hlaha setjhabeng sa Iseraele, le hara lona baruti ba bohata ba tla ba teng, ba kenyang ka sephiri dithuto tse senyang, mme ka ho latola Morena ya ba lopolotseng, ba tla ikgulela tshenyeho e sehloho hodimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos