Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 13:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ha o ka ipolella pelong ya hao, wa re: Na ntho tseo di hlile tsa ntlhahela keng? Ke ka baka la bokgopo ba hao bo boholo o honeletswang mose wa hao, mme direthe tsa hao di phumuhileng habohloko.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Ha o ka ipotsa ka pelong ya hao, wa re: “Ke ka baka lang ha tsee di ntlhahetse?” Ka baka la dibe tsa hao tse ngatangata, mese ya hao e ila apolelwa hodimo, mmele wa hao wa sala o le feela.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 13:22
24 Referencias Cruzadas  

ka mokgwa o jwalo, morena wa Assiria o tla ya le ba hapilweng ba Egepeta, le ba hapilweng ba Ethiopia, a ye le ba batjha, le maqheku, ba hlobotse, ba sa rwala dieta, le mokokotlo o le feela, e be dihlong ho Baegepeta.


ka baka leo, Morena o tla hlotha mangetse a dihlooho tsa baradi ba Sione, a di etse mafatla, Jehova a apole dihlong tsa bona.


Jwale, mamela taba ena, wena ya phelang menateng, ya dutseng o sa tshohe letho, wena ya reng pelong ya hao: Ke nna, ha ho e mong, haese nna; nke ke ka ba mohlolohadi; nke ke ka tseba seo ho hloka bana ho leng sona!


Mme nna ke tla o honeletsa mose ho fihlela sefahlehong sa hao, ho tle ho bonwe ponopono ya hao.


Haele setjhaba seo baporofeta ba ntseng ba se porofetela, ba tla rapalletswa diterateng tsa Jerusalema ke tlala le ke lerumo, ho hlokehe ya ba epelang, bona, le basadi ba bona, le bara ba bona, le baradi ba bona; mme ke tla ba tshollela bobe ba bona.


Mme ha le ka bolela, la re: Ke ka baka lang ha Jehova, Modimo wa rona, a re entse ntho tseo kaofela? o ba arabele ka ho re: Ke hobane le mo hlobohile, le sebeleditse medimo ya ditjhaba lefatsheng la lona; ka baka leo, le tla nne le sebeletse ditjhaba lefatsheng leo e seng la lona.


Jerusalema o sitilwe, o sitilwe; ka baka leo, o fetohile manyala, bohle ba neng ba mo hlonepha ba mo nyedisa, hobane ba bone bofeela ba hae, le hona o a fehelwa, mme o tadima kasanthao.


Ba tla o hlobodisa diaparo tsa hao, ba o amohe mekgabo ya hao.


Mme o itse: Tjhe, ke ruile, ke ipatletse lefumo; ho tsohle tseo ke di ruileng ho ke ke ha fihlelwa ntho eo ke e ruileng ka bokgopo, eo ho ka thweng, ke molato.


Mme jwale, ke tla apola bofeela ba hae mahlong a dinyatsi tsa hae, mme ha ho motho ya tla mo namolela letsohong la ka.


ke se tsohe ke mo hlobodisa, ka mo tlohela a le feela jwaloka mohla a tswalwang, ka mo etsa ya kang sebataolo, a ba jwaloka lefatshe le omileng, ka ba ka mmolaya ka lenyora.


hobane mma bona ke mofebi, ya ba belehileng o entse tse dihlong; hobane o itse: Ke tla latela dinyatsi tsa ka, e leng tsona tse nneang bohobe ba ka le metsi a ka, le boya ba nku, le lene, le ole, le seno.


Bona, ke tla ho wena, ho bolela Jehova wa makgotla; ke tla o apola, kobo ya hao ke e busetse sefahlehong sa hao, ke tle ke bontshe ditjhaba bofeela ba hao, ke bontshe le mebuso dihlong tsa hao;


Nakong eo, ke tla batlisisa Jerusalema ka mabone, ke kgalemele banna bao ba hwamileng hodima ditshifa tsa bona, ba reng pelong tsa bona: Jehova ha a na ho etsa hantle, leha e le ho etsa hampe.


Ekare ha o re pelong ya hao: Na re tla kgetha jwang lentswe le sa kang la bolelwa ke Jehova?


Ekare ha o re pelong ya hao: Ditjhaba tseno di mphetisa ka bongata; na nka di falatsa jwang?


Iponele, o tle o se ke wa re ka pelong ya hao: Ke ruile dintho tseo ka matla a ka, ka matla a matsoho a ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos