Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 13:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Emisa mahlo a hao, o tadime ba tswang nqa leboya. O kae mohlape oo o neng o o neilwe, mohlape wa letlotlo la hao?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Phahamisang mahlo a lona, le bone ba le futuhelang ba etswa leboya. O kae mohlape oo o neng o o disa, mohlape wa hao o neng o kgahleha?

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 13:20
14 Referencias Cruzadas  

Kganya ya morena ke bongata ba batho; empa ho hlokahala ha bona ke tshenyeho ho ngwana morena.


Jehova a re ho nna: Tsietsi e tlang hodima baahi kaofela ba lefatshe e tla hlaha ka nqa leboya.


Hobane bonang, ke a mema ditjhaba kaofela tsa mebuso ya leboya, ho bolela Jehova, hore di tle di bee se seng le se seng terone ya sona mabaleng a menyako ya Jerusalema, le pela marako a teng kaofela ka ho a kopela hare, le pela metse yohle ya Juda.


Ho utlwahala modumo; bonang, o se o etla, ke moferefere o moholo o tswang lefatsheng la Leboya, ho fetola metse ya Juda masupi, letsaba la diphokojwe.


Empa ekare ha le sa utlwe hoo, pelo ya ka e tla lla sephiring ka baka la boikgohomoso ba lona, mahlo a ka a tla lla, a be a lle, a tsholle meokgo, ke hobane mohlape wa Jehova o ya iswa kgolehong.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele, bakeng sa badisa ba disang setjhaba sa ka: Le qhalantse mohlape wa ka, le o hasantse, ha le a ka la o hlahloba; bonang, ke tla busetsa ho lona ka bolotsana ba diketso tsa lona, ho bolela Jehova.


Meaho e dutseng ka kgotso e tla senngwa ke bohale ba kgalefo ya Jehova.


Ho itswe ke Jehova: Bonang, setjhaba se ya tswa lefatsheng la Leboya, setjhaba se seholo se ya hlaha se tswang dipheletsong tsa lefatshe.


Hobane ke se ke ya tsosa Bakalde, setjhaba seo se bohale, se mafolofolo, se haholang bophara bohle ba lefatshe, ho hapa dinaha tseo e seng tsa sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos