Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 12:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ho nna lefa la ka ke lenong, ke phiri; manong a le teetse hare. Tloong, le bolelle dibatana kaofela tsa naha, di tle dijong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Lefa la ka le tshwana le nonyana, nonyana e kgwarahlana, e ubellwang ke nonyana tse ding kamahohle. Tsamayang le yo phutha batana tsohle tsa naha, le di phuthe di tle moketeng.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 12:9
15 Referencias Cruzadas  

Le Jehova a romela ho mo lwantsha dihlopha tsa Bakalde, le dihlopha tsa Siria, le dihlopha tsa Moabe, le dihlopha tsa bana ba Ammone, di tle di timetse Juda, ka polelo eo Jehova a neng a e boletse ka bahlanka ba hae, baporofeta.


Mahlo a ikgantshang a batho a tla kokobetswa, boikgohomoso jwa ba baholo bo nyenyefatswe; ka letsatsi leo ho tla hodiswa Jehova a nnotshi.


Hobane letsatsi le teng leo Jehova wa makgotla a le behetseng baikgantshi le baikgohomosi bohle, le bohle ba ikakasang hore ba tle ba kokobetswe.


Lona, dibatana tsohle tsa naha, tloong, le je; le lona dibatana tsohle tsa meru!


Ke tla bea dikotsi tse mefuta e mene ho bona, ho bolela Jehova; e tla ba lerumo ho bolaya, le dintja ho harola, le manong a lehodimo, le dibatana tsa lefatshe ho ja le ho senya.


Ditawana di a mo purumela, di dumisa mantswe a tsona, di fetola lefatshe la hae tshenyeho feela; metse ya hae e tjhesitswe, e hlokile moahi.


ke tla ba neela matsohong a bao e leng dira ho bona le matsohong a ba batlang bophelo ba bona; ditopo tsa bona e tla ba dijo tsa manong a lehodimo le tsa dibatana tsa lefatshe.


Ditopo tsa setjhaba sena e tla ba dijo tsa manong a lehodimo le tsa dibatana tsa lefatshe; ha ho ka ke ha eba motho ya di tshosang.


Sione o otlolla matsoho, ha ho ya mo tshedisang. Jehova o laetse bakeng sa Jakobo hore dira di mo kopele hare; Jerusalema o fetohile manyala hara bona.


Ka ho hloka modisa, di ile tsa qhalana; ya eba dijo tsa dibatana tsohle tsa naha, tsa hasana.


Mme dinaka tse leshome tseo o di boneng ho sebata, di tla hloya seotswa, di se fedise, di se hlobodise, di je nama tsa sona, mme di se tjhese mollong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos