Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 10:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Medimo ya tsona e jwaloka sefate se setjhitja tshimong ya mahapu, mme ha e bue; e a jarwa, ke hobane ha e tsebe ho tsamaya. Le se ke la e tshaba, hobane ha e etse hampe, le hona e fela e sitwa le ho etsa hantle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Medingwana ena e ka setshosa, e ka setshosa se hlonngwe tshimong ya mahapu, empa ha e le ho bua hona ha e ho tsebe; eka kgona ba e jare, hobane ha e tsebe ho tsamaya. Lona le se e tshabe, e ke ke ya le ntsha kotsi, ho etsa molemo le hona ha e ho tsebe.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 10:5
16 Referencias Cruzadas  

Ba nka poho eo ba e neilweng, ba e lokisa, ba bitsa lebitso la Baale ho qala hosasa, ho fihlela motshehare, ba ntse ba re: Oho, Baale, re utlwe! Empa ha ho a ka ha eba lentswe, leha e le karabo. Ba nna ba tlola, ba pota aletare e entsweng.


Yaba bohale ba Jehova bo tukela Amatsia, a mo romela moporofeta e mong; eo a tla, a re: O batletseng medimo ya setjhaba seno e sa kang ya tseba ho namolela setjhaba sa yona matsohong a hao?


Leha Moabe a ka nna a kgathala ke ho ya nqalong tse diphahameng, le ke ho kena tempeleng ya teng ho rapela, a ke ke a thusa letho.


Phuthehang, mme le tle; atamelang hammoho kaofela, lona masala a ditjhaba. Ha ba na ditaba batho ba jarang mahong a ditshwantsho tsa bona, ba rapelang modimo o sa tsebeng ho boloka.


Bele o rapaladitswe, Nebo o dihilwe; ditshwantsho tsa bona di belesitswe ka dipelesa le ka diphoofolo, ditshwantsho tseo le neng le di jara di imela dipelesa tse kgathetseng ka boima ba tsona.


Ba o emisa, ba o jara mahetleng a bona, ba o bea tulong sa wona; o eme o sa sisinyehe nqalong ya wona; ba howeletse ho wona, empa ha o arabe, ha o ba boloke matswalong a bona.


Motho e mong le e mong o thotofetse, o hlokile tsebo; moqhibidisi e mong le e mong o hlabiswa dihlong ka setshwantsho sa hae, hobane setshwantsho sa hae se tsholotsweng ke leshano feela, ha ho phefumoloho ho sona.


Ho madimabe ya reng ho lehong: Tsoha! le ho lejwe le semumu: Ema! Na ho tla ruta lona? Bonang, le manehilwe ka kgauta le ka silefera, ha ho moya ho lona.


Le a tseba hoba le ne le le bahetene ba hulelwang ditshwantshong tse sa bueng, kamoo le neng le hulanngwa kateng.


Jwale, ha e le ka ho ja dijo tse halbetsweng ditshwantsho, re a tseba hore setshwantsho hase letho lefatsheng, le hore ha ho Modimo o mong, haese o le mong feela.


Teng, le tla sebeletsa medimo, e leng mosebetsi wa matsoho a batho, mahong le majwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa jeng, e sa fofoneleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos