Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 10:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Jehova, o nkgalemele, empa e be ka tekano, e seng ka kgalefo ya hao, esere wa mphedisa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Oho, Morena, ako nkgalemele ka toka, o se ke wa nkgalemela o halefile, esere wa mphetola lefeelafeelane.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 10:24
10 Referencias Cruzadas  

Metjha ya ho matha ha wona e a dikadika; a fetoha mowane, a fela.


Jehova, o se ke wa ntaya kgalefong ya hao, o se ke wa nkotla bohaleng ba hao.


Jehova, o se ke wa ntaya bohaleng ba hao, o se ke wa nkotla kgalefong ya hao!


O nkgauhele, Jehova, hobane ke a idibana; o mphodise, Jehova, hobane masapo a ka a thothomela;


Koro e ye e polwe, empa motho a ke ke a nna a e pola kamehla; leha a e hata ka maoto a koloi ya hae, mme pere tsa hae di e hata, ha e a tule.


Ke yena ya etsang mahosana ntho ya lefeela, ya etsang baahlodi ba lefatshe ntho ya bosawana.


Jakobo, ke na le wena ho o pholosa, ho bolela Jehova, hobane ke tla fedisa hohle ditjhaba kaofela tseo nkileng ka o qhalanyetsa ho tsona, empa wena, nke ke ka o fedisa; ke tla o laya ka ho loka; nke ke ka o tlohela feela, o sa kgalemelwe.


Wena, o se ke wa tshaba, mohlanka wa ka, Jakobo, ho bolela Jehova, hobane ke na le wena, hobane ke tla fedisa ditjhaba kaofela tseo ke o qhalanyeditseng hara tsona; ha e le wena, nke ke ka o fedisa, ke tla o kgalemela ka tekanyo; leha ho le jwalo, ke sitwa ho o lesa o sa lauwe.


Jehova, ke utlwile taba tsa hao, ke bile ke tshohile! Jehova, mosebetsi wa hao o ke o o hlahise mahareng a dilemo; mahareng a dilemo o o bonahatse! Kgalefong, o hopole ho hauhela!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos