Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 10:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ha o phahamisa lentswe, modumo wa metsi o ye o be teng mahodimong; o nyolosa mehodi dipheletsong tsa lefatshe; ka lehadima o nesa pula, o ntsha moya matlotlong a wona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Ha a thwathwaretsa metsi a lehodimo a a hwasa, o nyolla maru pheletsong tsa lefatshe, ha pula e ena o tsekemisa lehadima, a bulele difefo, di tswe moo di kwaletsweng.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 10:13
23 Referencias Cruzadas  

dimela tsohle tsa naha di ne di eso ho be lefatsheng, le jwang bohle ba naha bo ne bo eso ho mele, hobane Jehova Modimo o ne a eso ho nese pula lefatsheng, mme ho bo ho se motho ya lemang lefatshe;


Yaba Elia o re ho Akabe: Nyoloha, o je, o nwe, hobane ho utlwahala modumo wa pula e kgolo.


Na o finyeletse tlung ya polokelo ya lehlwa? Na o bone ntlo ya polokelo ya sefako,


O nosetsa dithaba a le tlung ya hae e phahameng, mme lefatshe le kgora ditholwana tsa mesebetsi ya hae.


e na le ditsebe, mme ha e utlwe, le ka melomo ya yona ha e phefumolohe.


Ke yena ya tsosang maru dipheletsong tsa lefatshe, ya nesang dipula ka diaduma, ya ntshang meya dipolokelong tsa hae;


O thiba lehodimo ka maru, o lokisa pula ho na lefatsheng; o medisa jwang dithabeng;


Jehova a duma lehodimong, Mookamedi ya phahameng a utlwahatsa lentswe la hae, e le difako le mashala a hlenneng.


Binelang ya haolang ka sebaka sa mahodimo a kamehla. Utlwang! o utlwahatsa lentswe la wona, lentswe le tlerolang.


Yaba Moshe o emisetsa lere la hae hodimo, mme Jehova a hlahisa diaduma le sefako; mollo wa matha fatshe, mme Jehova a nesa sefako hodima naha ya Egepeta.


Na e mong a ka ba teng hara mafeela a ditjhaba ya nesang pula? Kapa a mahodimo a teng a neang dipula? Na hase wena, Jehova, Modimo wa rona? Le hona re ntse re itshepetse wena, hobane ke wena ya etsang tseo kaofela.


Ke tla etsa nqalo ena jwalo le baahi ba teng, ho bolela Jehova, motse ona ke o etse o tshwanang le Tofethe.


Ha ba ipolelle pelong tsa bona ka ho re: Re tshwanetse ho tshaba Jehova, Modimo wa rona, ya re neang pula ya tsheola le ya hwetla nakong ya yona, ya re bolokelang diveke tse beilweng tsa ho kotula.


Ha a phahamisa lentswe, modumo wa metsi o ye o be teng mahodimong; o nyolosa mehodi dipheletsong tsa lefatshe; ka lehadima o nesa pula, o ntsha moya matlotlong a hae.


Hobane bona, ya hlodileng dithaba, ya entseng moya, ya tsebisang motho tse hopotsweng ke yena, ya fetolang meso lefifi, ya tsamayang hodima diphahama tsa lefatshe, lebitso la hae lona ke Jehova, Modimo wa makgotla.


Qelang pula ho Jehova ka nako ya dipula tsa selemo: ke Jehova o hlahisang mahadima; o tla ba nea pula ya modupe, a fe e mong le e mong tse melang tshimong ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos