Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 3:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ka mokgwa o jwalo, le lona leleme, leha e le sethwana se senyenyane, le ithorisa ka tse kgolo. Bonang, mollwana o monyenyane o ka tjhesa moru o mokakang!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Le leleme le jwalo. Le hoja e le setho se senyenyane, empa le ka ithorisa ka tse kgolo. Bonang kamoo tlhase ya mollo e hotetsang moru o moholo kateng!

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Ka mokgwa o jwalo, leleme ke setho se senyenyane, mme le ithorisa ka tse kgolo. Bonang, mollo o monyenyane o hotetsa ntho e kgolo hakakang!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Ka mokgwa o jwalo, leleme ke setho se senyenyane, mme le ithorisa ka tse kgolo. Bonang, mollo o monyenyane o hotetsa ntho e kgolo hakakang!

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 3:5
25 Referencias Cruzadas  

ba ne ba re ho Modimo: Sutha ho rona! Na Ya matla wohle a ka etsang bakeng sa rona na?


hobane molotsana o ithorisa ka takatso ya pelo ya hae, mme leshodu le rohaka, le nyedisa Jehova.


Ba ikwalla dipelo tsa bona tse nonneng, ka melomo ya bona ba ipuella ka boikakaso.


Ke ne ke itse: Ke tla fadimehela ditsela tsa ka, ke tle ke se ke ka seba ka leleme la ka; ke tla bea sethibelo molomong wa ka, ha e mobe a sa ntse a le pela ka.


Sera sa re: Ke tla phalla, ke ba tshware, ke tla hapisa thepa, moya wa ka o tla ikgorisa ka bona; ke tla tsomola sabole, letsoho la ka le tla ba qeta.


Yaba Faro o re: Jehova ke mang hore ke utlwe lentswe la hae, mme ke lokolle Iseraele? Jehova ha ke mo tsebe, le Iseraele nke ke ka mo lokolla.


E mong ha a bebera, puo tsa hae di hlaba jwaloka tsenene, empa molomo wa ya bohlale o a thoba.


Molomo wa ya bohlale o hlahisa tsebo hamonate; empa molomo wa mawatla o kolla bohlanya.


Lefu le bophelo di matleng a leleme; ba le ratang ba tla ja tholwana tsa lona.


Mollo o tima ke ho hlokeha ha patsi; ho jwalo dikomang, di fela ha mosebi a le siyo.


Ba mpa ba re: Tloong, re ke re rere Jeremia, hobane molao ha o a fela ho baprista, le keletso ha e a fela ho ya hlalefileng, leha e le polelo ho moporofeta. Tloong, re mo hlabeng ka leleme, re se elellwe polelo le e nngwe ya hae.


Mora motho, ere ho morena wa Tire: Morena Jehova o re: Erekaha pelo ya hao e ikgohomositse, mme o itse: Ke modimo, ke dutse teroneng ya modimo, mahareng a mawatle! athe o motho, ha o modimo, leha o beile pelo ya hao jwaloka hoja e le ya modimo;


Bua, o re: Morena Jehova o re: Bona, Faro, morena wa Egepeta, ke tla o futuhela, wena kwena e kgolo e bothileng mahareng a dinoka tsa hao, o reng: Noka ya ka ke ya ka ruri, ke nna ke iketseditseng yona.


Jwale he, ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, ha le kgumama, le rapela setshwantsho seo ke se entseng, ke hantle; empa ha le sa kgumame, le tla akgelwa hanghang seboping sa mollo o bohale; mme modimo ke ofe o tlang ho le lokolla letsohong la ka?


yaba morena o a bua, a re: Na hase wona Babilona o moholo, oo ke o hahileng ka matla a ka a maholo, e tle e be moaho wa borena, e be kganya ya boholo ba ka na?


Bonang le tsona dikepe; leha di le kgolo hakalo, mme di fefolwa ke meya e bohale, di fetolwa ka lemati le lenyenyane, mme di ye hohle moo thato ya motsamaisi wa tsona e hopotseng teng.


Hobane ka ho bolela ditaba tsa boikgantsho le tsa lefeela, ba tjhatjhehisa ka ditakatso tsa nama le ka bohlola batho ba sa tswa furalla ba itsamaelang leshanong;


Ke batho ba korotlang, ba kgananang, ba yang ka ditakatso tsa bona; melomo ya bona e bolela tsa boikgohomoso, ba tadima tshobotso ya batho ka takatso ya moruo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos