Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 1:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke ha motho a lekola dikgutsana le basadi ba bahlolohadi mahlomoleng a bona, mme a ipoloka lefatsheng a se na le lethebanyana.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke bona: Ho tjhakela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le ho ipoloka re sa silafatswe ke tsa lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

27 Borapedi bo hlwekileng, bo sa silafalang pela Modimo le Ntate, ke bona: ho etela dikgutsana le bahlolohadi mahlomoleng a bona, le ho ipoloka a se na letheba lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Borapedi bo hlwekileng, bo sa silafalang pela Modimo le Ntate, ke bona: ho etela dikgutsana le bahlolohadi mahlomoleng a bona, le ho ipoloka a se na letheba lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 1:27
36 Referencias Cruzadas  

ALEF. Ho lehlohonolo bao metsamao ya bona e tshepehang, ba yang ka molao wa Jehova!


Jehova o sireletsa baditjhaba, o emisa kgutsana le mohlolohadi; empa o kgelosa tsela ya ba bolotsana.


Ntata dikgutsana, moemedi wa bahlolohadi, ke Modimo moahong o halalelang wa wona.


Marena a hao a ikganetse, a ikentse balekane ba mashodu; e mong le e mong o rata ho nyehellwa, ba mathela meputso; ha ba sa ahlolela dikgutsana, nyewe ya mohlolohadi ha e fihle pela bona.


Ha motho a sebile Mora motho, a ka tshwarelwa; empa ha a sebile Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa, leha e le mehleng ena, leha e le ho e tlang ho tla.


Ho lehlohonolo ba pelo di hlwekileng; hobane ba tla bona Modimo.


Ba ne ba lokile pela Modimo ba babedi, ba tsamaya melaong yohle le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se kamoo ba ka nyatsuwang kateng.


Hape le se ke la ipapisa le lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ntjhafalo ya kelello ya lona, le tle le lemohe ho ratwang ke Modimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho kgahlehang, ho phethehileng.


Hobane ba utlwang molao, hase bona ba lokileng pela Modimo, empa ba phethang molao ke bona ba tla bewa ba lokileng;


ya iteletseng dibe tsa rona, a tle a re namolele lefatsheng la jwale le lebe, ka ho rata ha Modimo, Ntata rona.


Mme haele hoba ha ho motho ya ka bewang ya lokileng pela Modimo ke molao, ho a bonahala; kahobane ho itswe: Ya lokileng o tla phela ke tumelo.


Hobane ho Jesu Kreste, ho bolla le boqai ha di thuse letho, empa ho thusa tumelo e sebetsang ka lerato.


Haele nna, ho ithorisa ho be hole le nna, haese ka sefapano sa Morena wa rona Jesu Kreste, eo ka yena lefatshe le thakisitsweng ka nqeng ya ka, le nna ke thakigisitsweng ka nqeng ya lefatshe.


tseo kgale le neng le itsamaela ho tsona ka mokgwa wa lefatshe lena, ha le ne le sa buswa ke morena ya busang matla a sebaka, e leng moya o sebetsang jwale baneng ba ho se dumele.


Jwale Molevi ya se nang kabelo le lefa jwaloka wena, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi, ba metseng ya hao, ba tla tla, mme ba je, ba kgore; Jehova, Modimo wa hao, a tle a o hlohonolofatse mesebetsing yohle ya matsoho a hao, eo o e etsang.


Hobane moo taelo e isang teng, ke leratong le tswang pelong e hlwekileng le letswalong le letle, le tumelong e se nang boiketsiso;


Empa ekare ha mohlolohadi e mong a ena le bana, kapa ditloholo, bao ba ithute pele ho baballa ba ntlo ya bona, le ho etsa ba ba tswetseng kamoo bona ba ba entseng kateng; hobane hona ke ho kgahlehang pela Modimo.


o ntse o re ruta ho tela ho se tshabe Modimo le ditakatso tsa lefatshe, re tle re phele nakong ya jwale ka kelello, ka ho loka, le ka borapedi;


Empa bohlale bo tswang hodimo, taba ya bona ya pele, bo hlwekile, hape bo na le kgotso, bo bonolo, bo rekoloha kapele, bo tletse mohau le ditholwana tse monate, ha bo fetofetohe, ha bo na boiketsiso.


Ka lona, re ye re boke Modimo Ntate; ka lona hape, re rohake batho ba entsweng ka setshwantsho sa Modimo.


Banna le basadi ba bafebi, hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatshe ke ho lwantsha Modimo na? Efela ya phehellang ho iketsa motswalle wa lefatshe o ipea sera ho Modimo.


mme ha ka tseo a re sitsitse jwalo ka dipallo tse kgolohadi, tsa bohlokwa, hore ka tsona le be le kabelo ho seo Modimo o leng sona, ka ho hloboha ho bola ho leng lefatsheng ka ditakatso;


Hobane ha ba ne ba se ba balehetse ditshila tsa lefatshe, ke ho tseba Jesu Kreste, Morena le Mmoloki wa rona, mme ba boetse ba itshwasitse ho tsona, mme ba hlotswe ke tsona, taba tsa bona tsa qetello di mpe ho fetisa tsa pele.


Ka baka leo, baratuwa, erekaha le lebeletse tse jwalo, itiiseng hore le tle le fihlelwe ke yena le ena le kgotso, le se na letheba le sekodi.


Re a tseba hoba e mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe; empa ya tswetsweng ke Modimo o a ipoloka, mme e mobe ha a mo ame.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos