Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 9:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Jehova o ya ba hlahisetsa dira tsa Retsine tse ba fetisang ka matla, a tsose dira tsa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Morena o matlafaditse dira tsa Resine ho mo lwantsha, a di hlohleletsa hore di mo tsohele matla.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 9:11
10 Referencias Cruzadas  

Tsiung tsa Peka, morena wa Iseraele, ha tla Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a nka Ijone, le Abele-Bethe-Maaka, le Janowa, le Kedeshe, le Hatsore, le Gileade, le Galelea, e leng naha yohle ya Nefthali, a isa batho ba teng Assiria kgolehong.


Morena wa Assiria a mo utlwa; morena wa Assiria a fela a futuhela Damaseka, a o kena, mme a isa ba teng Kire kgolehong, a bolaya le Retsine.


Ha ho a sala letho haese ho kokobetswa hara ba tlamilweng; ba tla wa hara ba bolailweng. Leha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Ho madimabe moqhaka o ikgantshang wa matahwa a Efraime, ho madimabe palesa e ponang ya serwalo sa hae sa bokgabane, e hlorong ya sekgutlo se nonneng sa ba hlolwang ke veine!


Ka baka leo, kgalefo ya Jehova e tuketse setjhaba sa hae, mme o otlolletse letsoho la hae hodima sona, o se otlile; dithaba di a sisinyeha; ditopo tsa bona di ba jwaloka dithole tsa mmila. Leha ho le jwalo, ha a kgutla kgalefong ya hae, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Mehleng ya Akase, mora Jothame, mora Osiase, morena wa Juda, Retsine, morena wa Siria, le Peka, mora Remalia, morena wa Iseraele, ba futuhela Jerusalema, empa ba sitwa ho o thibella.


Hobane motse wa moreneng wa Siria ke Damaseka, mme hlooho ya Damaseka ke Retsine; dilemo tse mashome a tsheletseng le metso e mehlano ha di fetile, Efraime o tla timetswa, ha e sa tla hlola e eba setjhaba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos