Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 66:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 hore le tle le anyeswe, le kgoriswe ke letswele la matshediso a hae, le tle le nwe ka nyakallo mononong wa kganya ya hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Matsweleng a yona le tla anya le kgotsofale, le tshedisehe, le mokonye haholo, le thabele ho sisa ha yona.”

Ver Capítulo Copiar




Isaia 66:11
9 Referencias Cruzadas  

ba kgora ke nala ya ntlo ya hao, o ba nosa dinokeng tsa menate ya hao.


Marena e tla ba bafepi ba hao, mafumahadi a wona e be baanyesi ba hao; ba tla itihela fatshe ka difahleho pela hao, ba nyeke lerole le maotong a hao; mme o tla tseba hobane ke nna Jehova, le hobane ba ntshepang ba ke ke ba swaba.


Tsoha, Jerusalema, o boneswe, hobane lesedi la hao le hlahile, kganya ya Jehova e o tjhabetse!


O tla anya lebese la ditjhaba, o anye matswele a marena, mme o tla tseba hobane nna Jehova ke Mmoloki le Molopolli wa hao, Ya matla wa Jakobo.


Hobane bona, lefifi le kwahetse lefatshe, botsho bo apesitse ditjhaba; empa Jehova o tla o tjhabela, kganya ya hae e bonahale hodima hao.


Ka ho bona hoo, o tla thaba, pelo ya hao e tla makala, e ahlame ke thabo; menono ya lewatle e lebile ho wena, le maruo a ditjhaba a ya tla ho wena.


Ke moo ditjhaba di tla bona ho loka ha hao, le marena kaofela a bone kganya ya hao, mme o tla bitswa ka lebitso le letjha le tlang ho bolelwa ke molomo wa Jehova.


Mohlang oo, dithaba di tla kolla veine e ntjha, marallana a phalle lebese, melapo yohle ya Juda e tla nne e be le metsi a mathang; mme sediba se tla tswa tlung ya Jehova, se nosetse lehwatata la Sittime.


mme le lapele haholo, jwaloka bana ba tswang ho tswalwa, lebese la moya, le sa tswakwang, le tle le holele poloko ke lona;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos