Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 53:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Kannete, o ipelesitse malwetse a rona, o nkile mahlomola a rona; empa rona, re lekantse hoba ke ya lauwang, ya otlwang ke Modimo, ya hlomodiswang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ruri o ipelesitse mahloko a rona, malwetse a rona le wona a inkela wona, empa rona ra hopola e le ya otlwang, ya shapuwang, le ho hlokofatswa ke Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 53:4
19 Referencias Cruzadas  

Hobane ba hlorisa eo o mo otlileng, ba rata ho bolela mahloko a bao o ba hlabileng.


O eketse makgopo a bona ka makgopo a mang, ba se ke ba eba le kabelo ho lokeng ha hao!


Ke fetohile osele ho banabeso, ya sa tsejweng ho bara ba mme.


Modimo o ratile ho mo roba le ho mmea tlokotsing; empa etlare hobane a bee ho phela ha hae hore e be sehlabelo bakeng sa dibe, o tla bona bana, a eketse matsatsi a hae, morero wa Jehova o atlehe matsohong a hae.


Haele phooko e kgethetsweng Asasele, e tla hlahiswa e sa utlwa pela Jehova, hore ho tle ho etswe pheko ka yona, e ntoo tlohelwa, e ikele feelleng, e be ya Asasele.


Wena lerumo, tsohela modisa wa ka, e leng monna e leng mohaeso, ho bolela Jehova wa makgotla. Otla modisa, dinku di tle di qhalane; empa ke tla busa letsoho la ka hodima ba banyenyane.


le pohwana ya kgomo, le pheleu, le konyana e tona e lemo se le seng, e be setjheso;


le pohwana ya kgomo, le pheleu, le konyana e tona e lemo se le seng, e be setjheso;


A ya le Petrose le bara ba Sebedea ba babedi, mme a qala ho swaba le ho tsieleha haholo.


hore ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a re: O inketse mefokolo ya rona, o ipelesitse malwetse a rona.


Bajuda ba mo araba, ba re: Re na le molao, mme ka molao wa rona o lokelwa ke ho shwa, hobane o ikentse Mora wa Modimo.


e leng yena ya teletsweng lefu ka baka la dibe tsa rona, mme o tsositswe ho re bea ba lokileng.


Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho etswa thohako bakeng sa rona; — hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya fehilweng sefateng;


ka mokgwa o jwalo, le yena Kreste, ha a setse a ikentse pheko hang ho jara dibe tsa ba bangata, o tla bonwa la bobedi, a se na sebe, ke ba mo lebeletseng hore a ba pholose.


yena ya jereng dibe tsa rona mmeleng wa hae sefapanong, hore re shwe ka nqa ya dibe, re tle re phelele ho loka; eo le fodisitsweng ka matetetso a hae.


Hobane le yena Kreste o ne a utlwiswe bohloko hang ka baka la dibe; yena ya lokileng o bolaetswe bakgopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Modimo; o shwele ka nqeng ya nama, empa o phedisitswe ka nqeng ya moya.


Ke yena e leng pheko ya dibe tsa rona; e seng ya tsa rona feela, empa e le le ya tsa lefatshe lohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos