Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 53:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ka baka leo, ke tla mo fa kabelo ya hae hara ba baholo; o tla arolelana kgapo le bahale, hobane o neetse moya wa hae lefu, mme o badilwe le dihlola; o jere dibe tsa ba bangata, mme o tla rapella batlodi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Kahoo o tla ba le seabo hara ba baholo, kgapo yona a e arolelane le dinatla, hobane bophelo ba hae o ila bo tella lefu, a ba a balellwa le baetsadibe. O ila itjarisa dibe dibe tsa ba bangata, mme baetsadibe a ba rapella.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 53:12
38 Referencias Cruzadas  

Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.


Mme jwale, moya wa ka o itshollela kahare ho nna, matsatsi a tlokotsi a ntshwere;


Kopa ho nna, mme ke tla o fa ditjhaba e be lefa la hao, le dipheletso tsa lefatshe e tle e be leruo la hao.


Ke ikela jwaloka metsi, masapo a ka kaofela a nonyetsehile; pelo ya ka, fubeng sa ka, e a qhibiliha jwaloka mafura a dinotshi;


Sera sa re: Ke tla phalla, ke ba tshware, ke tla hapisa thepa, moya wa ka o tla ikgorisa ka bona; ke tla tsomola sabole, letsoho la ka le tla ba qeta.


Empa ka re: Ke sebeleditse lefeela, ke qetile matla a ka feela, ke sa rue letho; empa tokelo ya ka e ntshwanelang e ho Jehova, le moputso wa ka o ho Modimo wa ka.


Bonang, mohlanka wa ka o tla atleha; o tla hola, a phahame, a be moholo haholo.


ka mokgwa oo, o tla makatsa ditjhaba tse ngata; marena a tla hloka puo pela hae, hobane a tla bona seo a neng a eso ho se bolellwe, a utlwe seo a neng a eso ho se utlwe.


Bohle re ne re lahlehile jwaloka dinku, re ne re ya e mong le e mong ka tsela ya hae; empa Jehova o mo jarisitse makgopo wohle a rona.


A tloswa mahlomoleng le kahlolong; mme ho kile ha lemoha mang hara ba leloko la hae, hore o kgaotswe lefatsheng la ba utlwang, le hore o otlilwe ka baka la sebe sa setjhaba sa ka?


jwalokaha o bone lejwe ha le kgephoha thabeng e seng ka matsoho a motho, le robaka tshepe, koporo, letsopa, silefera le kgauta. Modimo o moholo o tsebisitse morena se tlang ho etsahala kamorao ho mehla ena; toro ke ya nnete, mme kwahollo ya yona e tiile.


A boela a ya la bobedi, a rapela, a re: Ntate, ekare ha e se ntho e ka etswang hore senwelo sena se fetele hole le nna ke sa nwele ho sona, a ho etswe thato ya hao!


Hammoho le yena ba thakgisa le disenyi tse pedi, se seng ka letsohong la hae le letona, se seng ka ho le letshehadi.


Kahoo, ha etsahala lengolo le itseng: O badilwe le bakgopo.


Hobane ke le bolella hore taba e ngodilweng e tshwanetse ho phethehala ho nna, e reng: O badilwe le bakgopo. Hobane ditaba tsa ka di ya ho feleng ha tsona.


A ba lokollela ya qetsweng ke bona, ya neng a kenntswe teronkong ka baka la moferefere le la polao; mme a ba neela Jesu hore a etswe kamoo ba ratang kateng.


o tle o tutubolle mahlo a bona, hore ba tlohe lefifing ho kena leseding, ba tlohe le matleng a Satane ho sokolohela ho Modimo, mme ba bone tshwarelo ya dibe tsa bona le lefa hara bahalaledi ka ho dumela ho nna.


Ya tla ba tswa ke mang? Kreste ke yena ya shweleng, a bileng a tsoha, hape ke yena ya leng ka letsohong le letona la Modimo, hapehape e sa le yena ya re rapellang.


Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.


Ekasita leha madi a ka a ka tshelwa sehlabelong le kananelong ya tumelo ya lona, teng nka thaba, ka thaba le lona bohle.


Wa hlobodisa le marena le mebuso, wa e pepesa pontsheng ha Jesu a se a o hlotse sefapanong seo.


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


re ntse re tadimile Jesu, moqadi le mophethi wa tumelo, ya mameletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsweng, a sa kang a re letho ka dihlong, a ba a ya dula letsohong le letona la terone ya Modimo.


Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o ntse a phela kamehla ho ba rapella.


Hobane Kreste ha a ka a kena sehalalelong se entsweng ka matsoho, e leng setshwantsho feela sa sa sebele; empa o kene lehodimong la sebele, a tle a hlahe jwale pela sefahleho sa Modimo, sebakeng sa rona;


Hobane hoja taba di dutse jwalo, ekabeba o hlabilwe hangata, haesale lefatshe le thewa; empa jwale, hobane nako di phethehe, o hlahile hang ho fedisa sebe ka ho iketsa sehlabelo.


ka mokgwa o jwalo, le yena Kreste, ha a setse a ikentse pheko hang ho jara dibe tsa ba bangata, o tla bonwa la bobedi, a se na sebe, ke ba mo lebeletseng hore a ba pholose.


Bana ba ka, ke le ngolla taba tseo, le tle le se ke la etsa sebe. Ekare ha motho a entse sebe, re na le moemedi pela Ntate: ke Jesu Kreste ya lokileng.


Bana, ke a le ngolla, kahobane le tshwaretswe dibe ka baka la lebitso la hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos