Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 52:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hobane Jehova o itse: Le rekilwe ka lefeela, mme le tla lopollwa ho se tefo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Morena o bua tjena: “Le ile la rekiswa ntle ho tjhelete, le tla be le lopollwe ntle ho tjhelete.”

Ver Capítulo Copiar




Isaia 52:3
13 Referencias Cruzadas  

o rekisitse lefeela ka setjhaba sa hao, ha o a ka wa thethesa theko ya sona.


O re etsa ntho e nyediswang ho ba ahileng pela rona, le tlako le sesomo ho ba re kopileng;


Sione o tla lopollwa ka kahlolo, ba kgutlelang teng ba lopollwe ka ho loka.


Ke nna ke hlahisitseng Siruse ho lokeng ha ka, mme ke tla batalatsa ditsela tsa hae tsohle; o tla tsosa motse wa ka, a lokolle baholehuwa ba ka, e seng ka tefo, e seng ka dimpho; ho bolela Jehova wa makgotla.


Ho thwe ke Jehova: Lengolo la mma lona la hlalo le kae leo ke mo kgutlisitseng ka lona? Kapa ke rekile ka lona ho mang wa bao ke namileng ho bona na? Bonang, ho rekilwe ka lona ka baka la dibe tsa lona, mma lona o hladilwe ka baka la ditlolo tsa lona.


Ba tla bitswa setjhaba se halalelang, balopollwa ba Jehova, mme wena, o tla bitswa motse o hlokwang haholo, o sa kang o tlohelwa.


Hobane letsatsi la tefetso le teng pelong ya ka, ngwaha wa balopollwa ba ka o se o tlile.


Dintho tsa hao le letlotlo la hao ke ya di neela ho hapjwa, theko e be siyo, ka baka la dibe tsa hao tsohle tse meeding ya hao yohle.


wa ya haha moaho wa hao o sedikwadikwe makopanong wohle a ditsela, wa etsa dinqalo tse diphahameng tsa hao mapatlelong wohle; o mpa o sa ka wa tshwana le seotswa kahohle, etswe o ne o kgesa moputso;


Sefate se naheng se tla beha ditholwana tsa sona, lefatshe le behe tsa lona; ba tla iketla naheng ya bona, mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova, mohla ke robang difate tsa joko ya bona, ke ba namolelang matsohong a ba ba sebedisang.


Ekare ha a sa rekollwe ka mokgwa oo, o tla tswa ka selemo sa Jubile, yena le bana ba hae.


le ntse le tseba hobane, hase ka tse bolang, hase ka silefera la ka kgauta le lopolotsweng mokgweng wa lona wa lefeela, oo le neng le o rutilwe ke bontata lona;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos