Jwale, banna ba babedi, bara ba Beliale, ba tla ba ema mabapa le yena; banna bao ba qosa Nabothe pontsheng ho setjhaba, ba re: Nabothe o nyefotse Modimo le morena. Ba ntoo mo isa kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe, a shwa.
Le ke le tshabe Jehova ho qala jwale, le etse ka kelello, hobane Jehova, Modimo wa rona, ha a na bokgopo, ha a ye ka tshobotsi ya batho, mme ha a amohele dimpho.
Marena a hao a ikganetse, a ikentse balekane ba mashodu; e mong le e mong o rata ho nyehellwa, ba mathela meputso; ha ba sa ahlolela dikgutsana, nyewe ya mohlolohadi ha e fihle pela bona.
Empa le bona Bajuda ba diadielwa veineng, ba dikadika ke jwala; baprista le baporofeta ba diadielwa jwaleng, ba kgopiswa ke veine, ba diadielwa jwaleng, ba thekesela ha ba bona dipono, ba tetema ha ba ahlola.
Nnete e a hlokahala, e mong le e mong ya tshabang bobe o a tlatlapuwa. Jehova o bone hoo, mme e bile ntho e mpe mahlong a hae, hobane ho loka ho hlokahetse.
Hobane ke tseba hoba ditlolo tsa lona di ngata, le hoba dibe tsa lona di atile haholo; le hlorisa ya lokileng, le nka tefo, mme bafumanehi ha le ba ahlolele kgotla.
Hlooho tsa teng di ahlolela dimpho, baprista ba teng ba ruta ka baka la moputso, baporofeta ba teng ba noha ka baka la tjhelete; leha ho le jwalo, ba ikokotlela ka Jehova, ba re: Na Jehova ha a hara rona na? Bobe bo ke ke ba fihla hodima rona!
Ba kena ka matsoho a mabedi bobeng, hore ba bo phethe: morena o a qela, moahlodi o ahlolela moputso, e moholo yena o bolela takatso e mpe ya moya wa hae; hammoho ba sothanya ditaba.
madi wohle a lokileng, a tsholletsweng lefatsheng, a tle a bokane ho lona, ho qala ka madi a Abele ya lokileng, ho tlisa mading a Sakaria, mora Barakia, eo le mmolaileng mahareng a tempele le aletare.
O se ke wa fapoha ho loka, mme o se ke wa ya ka tshobotsi ya batho; o se ke wa amohela dimpho; hobane mpho e foufatsa mahlo a ba bohlale, mme e kgopamisa dipolelo tsa ba lokileng.