Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 5:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ditema tse leshome tsa merara di tla bea bathe e le nngwe, homere ya hlanyelo e bee efa e le nngwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Diakere tse leshome tsa tshimo ya morara di tla beha dilethara tse robedi feela tsa veine; peo e etsang dilethara tse lekgolo le mashome a robedi e behe dilethara tse leshome le metso e robedi, tse kaalo feela tsa koro.”

Ver Capítulo Copiar




Isaia 5:10
13 Referencias Cruzadas  

Dinoko le makala e ne e le ntho e le nngwe le yona, mme yona e le ntho e le nngwe hammoho e entsweng ka kgauta e hlwekileng, e teilweng.


Dibajwa le meutlwa di tla mela naheng ya setjhaba sa ka, le hodima matlo a thabo kaofela a motse wa menyaka.


Mehleng eo, masimo wohle a merara e sekete, e lekaneng dishekele tse sekete, a tla medisa dibajwa le meutlwa.


Thabo e tlositswe le nyakallo naheng ya nala le lefatsheng la Moabe. Ke fedisitse veine dihatelong, ha ba sa hata ka pina; ke mokgosi, ha e sa le pina.


Dipeo di bodile katlasa makote; mediko e feela, matlo a polokelo a helehile, hobane koro e omeletse.


Mohla ke le timileng bohobe e leng seikokotlelo sa lona, sebopi se le seng se tla lekana basadi ba leshome ho le apehela bohobe; ba tla le lekanyetsa bohobe ba lona ka sekala; le tla ja, empa le ke se ke la kgora.


Ekare ha e mong a kgethela Jehova lefapha la tshimo ya lefa la hae, o tla le lekanyetsa ka bokae ba peo ya lona, e be dishekele tsa silefera tse mashome a mahlano ka homere ya peo ya harese.


le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; ya sebelletsang moputso, o o sebelletsa ho o kenya mokotleng o masoba.


Mehleng eo, ha ho tluwa setheng sa mangata a neng a ka tswa ditekanyo tsa koro tse mashome a mabedi, ho ne ho fumanwa tse leshome feela: kapa ha ho tluwa sehatelong sa veine ho kga ditekanyo tse mashome a mahlano, ho ne ho fumanwa tse mashome a mabedi feela,


O tla isa peo e ngata masimong a hao, empa o tla kotula ho seng hokae, hobane tsie e tla e ja.


O tla hloma merara, o e leme; empa ha o ka ke wa nwa veine ya yona, leha e le ho kotula ditholwana tsa yona, hobane di tla jewa ke diboko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos