Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 48:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Di ya hlaha jwale, di ne di le siyo pele; ha o a ka wa di utlwa haese kajeno, o tle o se ke wa re: Ke ne ke di tseba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Di bopilwe hona jwale, e seng tshimolohong, ho fihlela kajeno o ne o eso di utlwe; ka hona o ke ke wa re: ‘Ke ne ntse ke di tseba.’

Ver Capítulo Copiar




Isaia 48:7
4 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, le se ke la re: Re bone bohlale ho yena, ke Modimo feela o ka mo hlolang, e seng motho.


O di utlwile; o di bone kaofela hle; na le ke ke la dumela hoba ho jwalo na? Jwale, ke o tsebisa ditaba tse ntjha, tse neng di patilwe, tseo o neng o sa di tsebe.


Ha o a ka wa di utlwa le hanyenyane, ha o a ka wa di tseba, mme ditsebe tsa hao ha di a ka tsa bulelwa tsona pele, hobane ke tsebile hoba o lehata, le hoba o bitsitswe moikgantshi esale o etswa popelong ya mmao.


Jehova, Molopolli le Mohalaledi wa Iseraele, o rialo ho ya nyatistsweng ke bohle, ho ya hloilweng ke setjhaba, ho mofo wa babusi: Marena a tla mmona, a eme; mahosana a tla kgumama pela hae ka baka la Jehova ya tshepehang, le la Mohalaledi wa Iseraele ya o kgethileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos