Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 48:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ditaba tsa pele ke kgale ke di boletse, di tswile molomong wa ka, mme ke di boletse; ka etsa hang, mme tsa etsahala.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 “Tse fetileng ke ne ke di bolele kgale, ka di phatlalatsa, ka etsa hore di tsejwe; ka di etsa ka ho panya ha ntshi, mme tsa eba teng.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 48:3
16 Referencias Cruzadas  

Bongata ba dira tsa hao bo tla fetoha lerole le lesesane, bongata ba bahale bo be jwaloka mooko o fefolwang; taba eo e tla phakisa e hlahe hanghang.


ka baka leo, sebe sena se tla sala ho lona jwaloka sekgeo se helehang, se entseng mpa lerakong le phahameng, mme se phakisetsa ho wa ha lona hanghang.


Hobane ho nthorela ha hao le boithoriso ba hao, bo nyolohetse ditsebeng tsa ka; ke tla phunya mohala dinkong tsa hao, ke kenye tomo ya ka hanong ho wena, ke o kgutlise ka tsela eo o tlileng ka yona.


Bona, ke se ke tla kenya moya o mong ka ho yena, oo ka wona, ha a utlwa taba e nngwe, a tla kgutlela naheng ya hae, ke mo dihe ka lerumo naheng ya hae.


Ba ke ba di tlise, ba re bolelle ditaba tse tlang ho tla! Le boletse ditaba dife tsa kgale? Re bolelleng, re tle re nahane, re tsebe moo di fellang teng; kapa le re tsebise tse tla hlaha.


Ke nna wa pele ke itseng ho Sione: Bona, bona, ke tsena; ke neile Jerusalema lenqosa la taba tse molemo.


Bonang, taba tsa pele di hlahile; jwale ke le bolella tse ntjha, ke le tsebisa tsona, di eso ho hlahe.


Ditjhaba kaofela di ke di bokellwe hammoho, batho kaofela ba phuthehe! Ke mang hara bona ya ka bolelang ditaba tsa pele? A ba ke ba hlahise dipaki tsa bona, ba tle ba emelwe; batho a ba ke ba utlwe, mme ba re: Ke teng!


Bolelang tsa lona, le di tlise. Ba ke ba botsane hammoho! Na ke mang ya boletseng ditaba tseo esale mehleng ya kgale, ya di porofetileng kgale? Na hase nna Jehova? Ha ho Modimo, haese nna, Modimo o lokileng, o bolokang; ha ho o mong; ke nna feela.


Ha ho a ka ha hlokeha taba leha e le nngwe ya tsohle tse molemo tseo Jehova a neng a di boleletse ntlo ya Iseraele; tsohle tsa etsahala.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos