Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 47:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Athe o tla hlahelwa ke ntho tsena tse pedi ka tsatsi le le leng: ho hloka bana le bohlolohadi; di tla o hlahela ka sebele sa tsona, leha o ka thiba ka bongata ba boloi ba hao le ka bongata bo fetisisang ba boupelli ba hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Empa tsena tse pedi di tla o kgaoletsa, ka ho panya ha ntshi, ka tsatsi le le leng: Ho shwelwa ke bana le ho ba mohlolohadi. Di tla o wela hodimo ka matla a maholo, di sa re letho ka boloi ba hao, di sa re letho ka boreba ba hao.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 47:9
26 Referencias Cruzadas  

Ba fedile jwang hanghang! Ba timela, ba senyeha, ba wa ba tshohile hampe.


Bana ba bona ba tla pshatlwa pela mahlo a bona, mesebetsi e matlung a bona e lobelwe, basadi ba bona ba betwe.


Bonang, ho hlahile dipere le bakalli ba tsona ba tsamayang ka bobedi. Sa eketsa sa re: O wele, Babilona o wele; ditshwantsho tsohle tsa medimo ya hae di bolaetswe fatshe.


Ka baka leo, tsietsi e tla o hlahela, eo o ke keng wa tseba ho e upa, bobe bo tla o wela hodimo, boo ho seng pheko eo o ka bo thibelang ka yona, le tshenyo eo o sa e tsebeng e tla tla hodima hao ka sehloho.


Ya tswetseng ba supileng o tepeletse, o se a ya shwa; o phirimetswe ke letsatsi la hae e sa le motshehare, o hlabiswa dihlong, o swabile; mme masala a bona ke tla a neela lerumo pela bao e leng dira ho bona: ho bolela Jehova.


Lefatshe le a sisinyeha, le a thekesela, hobane morero wa Jehova o etsahalla Babilona ho fetola lefatshe la Babilona lesupi feela, le se nang moahi.


Yaba morena o laela hore ba bohlale, le dinohe, le baupelli, le Bakalde ba bitswe, ba tle ba kwahollele morena ditoro tsa hae; ba tla, ba itlhahisa pela morena.


Yaba ho tliswa babohlale, le dinohe, le Bakalde, le balepi ba dinaledi; ka ba bolella toro, empa ba sitwa ho nkwahollela yona.


Ka bona bosiu boo, Belshatsare, morena wa Bakalde, a bolawa,


Morena a howa ka matla hore dinohe di tliswe, le Bakalde le balepi ba dinaledi. Yaba, morena o bua, a re ho babohlale ba Babilona: Motho leha e le mang ya tla bala lengolo leo, ya tla nkwahollela lona, o tla apeswa purepera, a rweswe lehlaahlela la kgauta molaleng, a fuwe tulo ya boraro mmusong wa ka.


Ke ka baka la bootswa bo boholo ba seotswa se kgahlisang, moloi ya rekisang ditjhaba ka bootswa ba hae, le meloko ka boloi ba hae.


Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.


Empa kantle ho tla sala dintja, le baloi, le bafebi, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, le ba le etsang.


Yena a re ho bona: Se mpitseng Naomi (ya kgahlisang); le mpe le mpitse Mara (ho baba), etswe Ya matla wohle a nkentse ka mokgwa o babang haholo.


Le bona Mahalone le Kilione ba eshwa ba babedi, ha sala mosadi eo ya shwetsweng ke bara ba hae ba babedi le monna wa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos