Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 47:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Tswela pele ka boupelli ba hao le ka bongata ba boloi ba hao, e leng dintho tseo o di sebeditseng esale botjheng ba hao; ekaba o tla fihlela thuso ho tsona, mohlomong o hlole ka tsona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 “Itswelle pele ka boreba ba hao, le ka boloi ba hao bo se nang palo, boo esale o bo emella ho tloha botjheng ba hao! Mohlomong bo tla o tlisetsa katleho, mohlomong ka bona o tshose dira tsa hao!

Ver Capítulo Copiar




Isaia 47:12
22 Referencias Cruzadas  

Esale le botjheng ba ka, ba ntubile haholo,


Yaba Faro o bitsa dingaka le baupelli, mme le bona, ka ha e ne e le bahlalefi ba Egepeta, ba etsa jwaloka boupelli ba bona.


Dingaka le tsona tsa etsa jwalo ka boupelli ba tsona, tsa nyolla dihohwana naheng ya Egepeta.


Dingaka tsa sitwa ho ema pela Moshe ka baka la dithopane; hobane dingaka le Baegepeta bohle ba ne ba tswile dithopane.


Kutlwisiso e tla tloha pelong tsa Baegepeta, ke tla fedisa morero wa bona; ke moo ba tla botsa ditaba ho ditshwantsho tsa medimo, le ho baupelli, le ho ba nyollang bafu, le ho dinohe.


ke fosisang dipontsho tsa baporofeta ba leshano, ke thotofatsang dinohe, ke suthisang ba bohlale kasanthao, ke fetolang bohlale ba bona bohlanya.


Ha ba ka re ho lona: Botsisisang ba nyollang bafu, le dinohe tse toutang, tse wewetsang, le mpe le re: Hleka setjhaba ha se na ho botsa Modimo wa sona na? Hleka ho ka botswa bafu taba tsa ba utlwang na?


E kae medimo ya hao eo o iketseditseng yona? E ke e eme, ha e ka o pholosa letsatsing la tsietsi ya hao: hobane wena, Juda, palo ya medimo ya hao e ka ka ya metse ya hao!


Morena Jehova o re: Rola moqhaka, o tlose mokgabo wa hao; se leng teng ha se sa tla ba teng; ho phahamiswa se kokobetseng, ho kokobetswa se phahameng.


Taba e batlwang ke morena e thata haholo; ha ho e mong ya ka e senolelang morena, haese medimo e sa ahang hara batho.


Yaba morena o laela hore ba bohlale, le dinohe, le baupelli, le Bakalde ba bitswe, ba tle ba kwahollele morena ditoro tsa hae; ba tla, ba itlhahisa pela morena.


Jwale, babohlale le dinohe ba tlisitswe pela ka ho bala lengolo leno, le ho nkwahollela taba tsa lona, empa ba sitilwe ho nkwahollela taba ya teng. Empa ke utlwile hore wena o tseba ho fa motho kwahollelo le hlalosetso ya dipotso tse thata.


Diboni di tla swaba, dinohe di hlajwe ke dihlong; di tla pata ditedu tsa tsona kaofela ha tsona, hobane ha ho karabo e tswang ho Modimo.


Ke ka baka la bootswa bo boholo ba seotswa se kgahlisang, moloi ya rekisang ditjhaba ka bootswa ba hae, le meloko ka boloi ba hae.


Esele ya bona lengeloi la Jehova, ya ikgohla ka lerako, ya patisa leoto la Balaame ka lerako; mme Balaame a boela a e otla.


Mme ha ba ka ba baka dipolaong tsa bona, le boloing ba bona, le bootsweng ba bona, le dikutsong tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos