Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 45:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jehova o bolela ho motlotsuwa wa hae, ho Siruse, eo a mo tshwereng ka letsoho la hae le letona, ho hlola ditjhaba pela hae, ho tlamolla dinyepa tsa marena mathekeng a wona, le ho bula menyako pela hae, hore menyako e se ke ya kwalwa, o re:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 “Morena o bua tjena ho motlotsuwa wa hae, e leng Siruse eo ke utlileng tsoho la hae le letona, hore a kokobetse tjhaba tse kapele ho yena. Nna ke tla amoha dikgosi matla a ho lwana, ke bule mamati a kapele ho yena, menyako ya wona e se hlole e kwalwa.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 45:1
31 Referencias Cruzadas  

Jehova a re ho yena: Kgutla, o ye Damaseka, ka tsela e yang lefeelleng; etlare ha o le teng, o tlotse Hasaele ho ba morena wa Siria.


Ka selemo sa ho qala Siruse, morena wa Persia, hore ho tle ho phethehe lentswe la Jehova le boletsweng ke Jeremia, Jehova a susumetsa pelo ya Siruse, morena wa Persia; yaba o tumisa kahohle mmusong wa hae ka mokgosi le ka mangolo taba e reng:


Ho itswe ke Siruse, morena wa Bapersia: Jehova, Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe; hape, o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, naheng ya Juda.


o tshela dihlong hodima mahosana, o lokolla senyepa sa ba matla.


Empa jwale ke ntse ke o kgomarela, o ntataisa ka letsoho la ka le letona.


Emisang folaga thabeng e se nang meru, le howeletse ho bona ka lentswe le phahameng, le ba hwehle ka letsoho, ba kene ka menyako ya marena.


Ke laotse bakgethwa ba ka, ke bitsitse le bahale ba ka, ba tle ba etse phetetso ya ka, e leng ba thabelang boholo ba ka.


Hobane ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya o tshwereng ka letsoho la hao le letona, ya reng ho wena: Se tshabe, ke nna ke o thusang.


Ke mang ya tsositseng motho botjhabela, eo poloko e tsamayang mehlaleng ya hae? Ke mang ya mo neetseng ditjhaba, ya kokobeditseng marena katlasa hae? O etsa marumo a bona lerole, seqha sa bona se ba jwaloka mooko o fefolwang.


Ke mo tsositse leboya, mme o a tla; o tswa botjhabela, ya rapelang lebitso la ka; o hatakela marena, jwaloka seretse, ka mokgwa wa mmopi wa dipitsa ha a kgoba letsopa.


Nna, Jehova, ke o bileditse ho lokeng, ke o tshwere ka letsoho, ke o bolokile, mme ke o entse selekane sa setjhaba sa ka le lesedi la ditjhaba,


ke bolelang Siruse ka ho re: Ke modisa wa ka, o tla etsa se ratwang ke nna, o tla re ho Jerusalema: O tla tsoswa, le ho tempele: O tla thewa.


Ke nna Jehova, mme ha ho e mong; ha ho Modimo, haese nna; ke o hlomedisitse, leha o ne o sa ntsebe;


Ke nna, ke nna ya boletseng, ke nna ke mmitsitseng; ka mo lata, mme o tla atleha tseleng ya hae.


Mme jwale, ke neela mafatshe ana wohle matsohong a Nebukadnesare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka; ke mo neela le tsona diphoofolo tsa naha, di tle di mo sebeletse.


o ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Bona, ke se ke tla romela ho lata Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, ke bee terone ya hae majweng ana ao ke a patileng, mme a ale tente ya hae hodima wona.


Hobane setjhaba se tswang Leboya se nyolohela ho sona, ho etsa lefatshe la teng lefeella hore ho se be moahi ho lona; haele batho le makgomo, ba balehile, ba ile.


Lerumo le hodima Bakalde, ho bolela Jehova, le hodima baahi ba Babilona, le hodima marena a hae, le hodima ba bohlale ba hae.


Leotsang metsu, le tshware dithebe. Jehova o tsositse moya wa marena a Bamede; hobane morero wa hae o reretswe Babilona ho mo senya, hobane tefetso ya Jehova ke eo, tefetso ya tempele ya hae.


Bahale ba Babilona ba lesitse ho lwana, ba ituletse diqhobosheaneng, ba feletswe ke bohale ba bona, ba fetohile basadi, ho tjhesitswe meaho ya bona, mekwallo ya bona e robilwe.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Marako a Babilona a sephara a tla ripitlwa, menyako ya hae e phahamileng e tjheswe ka mollo; etlaba ditjhaba di sebeleditse lelea, merabe e ikgathaleditse mollo, mme ba tla fela dipelo.


Moputso wa hae oo a o sebeleditseng, ke tla mo nea Egepeta, ka baka la seo ba ntshebeleditseng ka sona: ho rialo Morena Jehova.


Yaba sefahleho sa morena se fetoha hang, mehopolo ya hae ya ferekanngwa; mesifa ya matheka a hae ya hlepha, mangwele a hae a otlana.


Ka ntoo bona sebatana se seng sa bobedi se le jwaloka bere, se eme ka lehlakore le le leng, se ena le dikgopo tse tharo molomong wa sona, dipakeng tsa meno a sona, mme ha thwe ho sona: Tloha, o rusolle dinama tse ngata.


Ka emisa mahlo, ka tadima, mme bonang, pheleu e ne e eme pela noka, e nang le dinaka tse pedi, dinaka tseo di ne di le telele, le leng le ne le fetisa le leng ka bolelele; le fetang le leng ke le neng le hodile morao.


Ka bona pheleu e thulela bophirimela, le leboya, le borwa, ho se phoofolo e ka emellanang le yona, ho se motho ya ka namolelang matleng a yona; ya etsa kamoo e ratang kateng, ya natlafala.


Menyako e hodima dinoka e a bulwa; ntlo ya borena e a heleha!


Bona, batho ba hao ba ho wena ke basadi feela; dikgoro tsa lefatshe la hao di ipuletse bao e leng dira ho wena, mekwallo ya hao e tjheswa ke mollo!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos