Ke tla tiisa selekane sa ka, se mahareng a ka le wena, le ditloholo tsa hao tse o hlahlamang ka meloko ya tsona, e be selekane se sa feleng, ke be Modimo wa hao le wa leloko la hao le o hlahlamang.
Hobane Jehova o tla hauhela Jakobo, o sa tla be a ikgethele Iseraele, a ba ahise lefatsheng la bona; baditjhaba ba tla kopana le bona, ba kgomarele ntlo ya Jakobo.
wena eo ke o nkileng kgutlelong ya lefatshe, mme ka o lata pheletsong ya lona, ka re ho wena: O mohlanka wa ka; ke o kgethile, mme ha ke a ka ka o lahla;
Empa jwale, ho itswe ke Jehova, moetsi wa hao, Jakobo, le mmopi wa hao, Iseraele: Se tshabe, hobane ke o lopolotse, ke o bitsitse ka lebitso la hao, o wa ka!
Sekehang ditsebe, le tle ho nna! Mamelang, meya ya lona e tle e phele! Mme ke tla le sitsa ka selekane sa kamehla sa mehau e tiileng e baletsweng Davida.
Mme jwale, wena mohlanka wa ka Jakobo, se tshabe, ho bolela Jehova; se thothomele, Iseraele, hobane bona, ke tla o pholosa, ke o late naheng e hole, ke late le leloko la hao lefatsheng la kgoleho; Jakobo o tla boya, a itulele, a iketle, mme ha a sa tla tshabiswa ke motho.
Tau e tswile letsabeng la yona, mosenyi wa ditjhaba o futuhile, o tswile nqalong ya hae ho senya lefatshe la hao, metse ya hao e tle e ripitlwe, e be e hloke moahi.
Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao hammoho, jwaloka kgoho ha e bokella ditsuanyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa le hanne!