Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 43:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ditjhaba kaofela di ke di bokellwe hammoho, batho kaofela ba phuthehe! Ke mang hara bona ya ka bolelang ditaba tsa pele? A ba ke ba hlahise dipaki tsa bona, ba tle ba emelwe; batho a ba ke ba utlwe, mme ba re: Ke teng!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Matjhaba wohle a phutheha hammoho, ditjhaba le tsona di a kgobokana; ke mang hara tsona ya boletseng tsee, a ba re bolella tsa kgalekgale? A ba ke ba tlise dipaki tsa bona mona, di tle di pake hore ba nepile, e le hore di ba utlwe, di re: “Ke nnete!”

Ver Capítulo Copiar




Isaia 43:9
17 Referencias Cruzadas  

Modimo, Modimo Jehova o buile, o bitsitse lefatshe ho nka botjhabatsatsi ho isa bophirimela.


Atamelang, lona ditjhaba, le tle le utlwe; lona batho, le mamele! Lefatshe, a le ke le mamele, le tse ho lona kaofela, lefatse le tse tswang ho lona kaofela!


Kgutsang, lona dihlekehleke, le mmamele; ditjhaba di tsohe matla, di atamele, di bolele, re yeng tsekong hammoho.


Nkgopotse, re tseke hammoho! Bolela, o tle o bonahale o le ya lokileng!


Ho itswe ke Jehova, Morena wa Iseraele le Molopolli wa hae, Jehova wa makgotla: Ke nna wa pele le wa morao; haese nna, ha ho Modimo.


Ke nna, haesale ho hlaheng, ke bolelang tse tlang ho tla, le kgale ke boletse tse esong ho hlahe. Ke re: Morero wa ka o tla tiya, ke tla phetha thato ya ka kaofela.


Phuthehang kaofela, le mamele: Ke mang hara bona ya boletseng ditaba tsena na? Eo Jehova a mo ratang o tla phetha thato ya hae hodima Babilona, letsoho la hae le lwantshe Bakalde.


Ditaba tsa pele ke kgale ke di boletse, di tswile molomong wa ka, mme ke di boletse; ka etsa hang, mme tsa etsahala.


Itlhahaneleng, le tle, lona ditjhaba tsohle tse kamathoko, le phuthehe! Wena Jehova, theolela dinatla tsa hao teng!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos