Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 43:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Empa jwale, ho itswe ke Jehova, moetsi wa hao, Jakobo, le mmopi wa hao, Iseraele: Se tshabe, hobane ke o lopolotse, ke o bitsitse ka lebitso la hao, o wa ka!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Empa jwale, ke sena seo Morena a se bolelang, yena ya o bopileng, wena Jakobo, yena ya o entseng, wena Iseraele: “O se ke wa tshaba, hobane ke o lopolotse; ke o bitsitse ka lebitso, ke o bitsitse, o wa ka.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 43:1
49 Referencias Cruzadas  

A re ho yena: Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa e tla ba Iseraele (ya betaneng le Modimo), hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.


Le tsebe hobane Jehova ke Modimo! Ke yena ya re entseng, mme re ba hae, re setjhaba sa hae, re mohlape o aloswang ke yena.


Taba eo e ke e ngollwe mehla e tlang ho tla, setjhaba se tlang ho tswalwa se ke se rorise Jehova.


O tsamaisitse setjhaba seo o se lopolotseng ka mohau wa hao, o se isitse ka matla a hao kahong e halalelang ya hao.


Tshoho le masisapelo di ba wetse hodimo; boholo jwa letsoho la hao bo ba fetotse dimumu jwaloka majwe; ho fihlela tjhaba sa hao se tshela, Jehova, ho fihlela tjhaba se tshela, setjhaba seo o se namoletseng.


Ha ke re, ke ha o ka tsamaya le rona, hore, nna le setjhaba sa hao re tle re kgethehe ho ditjhaba tsohle tse lefatsheng?


Makala a teng ha a oma, a tla rojwa, basadi ba tla tla, ba a bese; hobane ke setjhaba se sa hlalefang; ka baka leo, ya se entseng a ke ke a se hauhela, ya se bopileng a ke ke a se rekolohela.


O se ke wa tshaba, wena sebokonyana, Jakobo, mosalanyana wa Iseraele; ke nna ke o thusang, ho bolela Jehova; Mohalaledi wa Iseraele ke Molopolli wa hao.


Nna, Jehova, ke o bileditse ho lokeng, ke o tshwere ka letsoho, ke o bolokile, mme ke o entse selekane sa setjhaba sa ka le lesedi la ditjhaba,


Setjhaba seo ke iketseditseng sona se tla bolela dithoko tsa ka.


O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena! Ke tla kgutlisa leloko la hao botjhabela, ke o bokelle le bophirimela.


e leng bohle ba ipitsang ka lebitso la ka, hobane ke ba etseditse kganya ya ka; ke nna ke ba entseng, ke ba bopileng.


Ho itswe ke Jehova, moetsi le mmopi wa hao esale popelong ya mmao, eo e leng thuso ya hao: O se ke wa tshaba, Jakobo, mohlanka wa ka, wena Jeshurune (Iseraele), eo ke o kgethileng!


Ho itswe ke Jehova, Mohalaledi wa Iseraele, Mmopi wa hae: Na ke tla botswa tse tlang ho tla? Na ke tla laelwa bakeng sa bana ba ka, le bakeng sa mosebetsi wa matsoho a ka na?


Ho itswe ke Jehova, Molopolli wa hao, Mohalaledi wa Iseraele: Nna Jehova, Modimo wa hao, ke o ruta se o tshwanelang, ke o tsamaisa ka tsela eo o tshwanetseng ho tsamaya ka yona.


Tlohang Babilona, le balehe naheng ya Bakalde! Le bolele hoo ka lentswe la nyakallo, le ho tumise, le ho tsebise ho isa pheletsong ya lefatshe, le re: Jehova o lopolotse mohlanka wa hae Jakobo!


Mmameleng, lona dihlekehleke; le ele hloko, lona ditjhaba tse hole! Jehova o mpitsitse ke sa le popelong; ke sa le mpeng ya mme, o boletse lebitso la ka.


Ke tla etsa hore ba o hlorisitseng ba je nama ya mmele ya bona, ba tahwe ke madi a bona, jwaloka hoja ba tahilwe ke veine e ntjha; mme nama yohle e tla tseba hobane nna Jehova ke Mmoloki wa hao, le hobane nna Molopolli wa hao ke mohale wa Jakobo.


Ho ya kang, ha o ka lebala Jehova, Mmopi wa hao, ya adileng mahodimo, ya theileng lefatshe? Ke ka baka lang ha o tshohile kamehla ka ditshiu tsohle ka kgalefo ya mohlorisi ha a itokisa ho lwana? E kae jwale, kgalefo ya mohlorisi?


Dumisang ditlatse hammoho le nyakallo, lona masupi a Jerusalema, hobane Jehova o hauhetse setjhaba sa hae, o lopolotse Jerusalema.


Ba tla bitswa setjhaba se halalelang, balopollwa ba Jehova, mme wena, o tla bitswa motse o hlokwang haholo, o sa kang o tlohelwa.


Athe o ntata rona; Abrahama yena a ke ke a re tseba, le Iseraele a ka re hana; wena Jehova, o ntata rona, mme lebitso la hao ke Molopolli wa rona, esale hlolehong.


Ditsietsing tsohle tsa bona a ba tsietsing le bona, lengeloi la sefahleho sa hae la ba pholosa; o ba lopolotse ka lerato le ka mohau wa hae, a ba tiisa, a ba jara mehleng yohle ya boholoholo.


Jehova o iponahaditse ho nna a le hole, a re: E, ke o rata ka lerato le sa feleng; ka baka leo, ke tla o bolokela mohau wa ka.


Na ha o bone seo setjhaba sena se se bolelang, ha se re: Meloko e mmedi eo Jehova a neng a e kgethile, o hlile o e lahlile! Ba nyedisa setjhaba sa ka hore se se ke sa hlola se eba setjhaba pontsheng ya bona.


le hona ke tla lahla ditloholo tsa Jakobo le tsa Davida, mohlanka wa ka, ke se ke ka hlola ke nka baneng ba hae ya tla busa ditloholo tsa Abrahama le tsa Isaaka le tsa Jakobo; hobane ke tla busetsa ba kgolehong ba bona, ke ba hauhele.


Empa Molopolli wa bona o matla, Jehova wa makgotla ke lebitso la hae; ruri, o tla ba ahlolela, hore a tle a nee lefatshe phomolo, a ferekanye baahi ba Babilona.


O atametse tsatsing leo ke bitsitseng ho wena, wa re: O se ke wa tshaba.


Ka feta ka wena, ka o bona, e le ha dilemo tsa hao e le dilemo tsa lerato; ka o alla moleka wa kobo ya ka, ka apesa bofeela ba hao; ka ba ka o hlapanyetsa, ka hlaba selekane le wena, ho rialo Morena Jehova, mme wa ba wa ka.


a re: Se tshabe, monna ya ratwang! Kgotso e be ho wena! Tiya pelo, tiya matla! A re a sa bua le nna, ka utlwa hobane ke filwe matla, ka re: Morena ka a ke a bue, etswe o mphile matla.


Eo ya boraro, yona ke tla e kenya mollong, ke ba qhibidise jwaloka ha ho qhibidiswa silefera, ke be ke ba tsheke jwaloka, ha ho tshekwa kgauta. Ba tla rapela lebitso la ka, mme ke tla ba arabela. Ke tla re: Ke setjhaba sa ka, mme sona se tla re: Jehova ke Modimo wa rona.


Jehova wa makgotla o re: Bana e tla ba ba ruilweng ke nna tsatsing le tla etswa ke nna; ke tla ba qenehela jwalokaha motho a qenehela mora wa hae ya mo sebeletsang.


Mme kahobane letsatsi le se le sa bonahale ka ditshiu tse ngata, leha e le dinaledi, le hobane sefefo le sona se ne se ntse se befile, ra lahlehelwa ke tshepo yohle ya ho pholoha.


Banna, betang dipelo ke hona; hobane ke fela ke kgolwa hoba Modimo o tla etsa kamoo o mpoleletseng kateng.


Hobane re mosebetsi wa wona, re bopetswe ho Jesu Kreste mesebetsi e molemo, eo Modimo o e lokisitseng pele, re tle re itsamaele ho yona.


Empa Jeshurune a nona, mme a raha. Wa nona, wa iketsa ya nyenya, le ya kgurumeditsweng ke mafura. O lahlile Modimo o mo entseng, o nyedisitse Lefika la poloko ya hae.


Setjhaba se se nang kelello, se hlokang bohlale, na ke hona hoo le putsang Jehova ka hona na? Na hase yena ntatao, ya o ruileng, ya o entseng, ya o tiisitseng na?


hobane kabelo ya Jehova ke setjhaba sa hae; mme Jakobo ke kabelo ya lefa la hae.


Leha ho le jwalo, motheo wa Modimo o ntse o tiile, o na le tiiso e reng: Morena o tseba bao e leng ba hae. Hape e re: E mong le e mong ya rapelang Morena, a ke a tlohe bokgopong.


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Ba bina sefela se setjha, ba re: O loketse ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; hobane o ne o hlajwe, mme wa lopollela Modimo, ka madi a hao, batho ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba merabe yohle, le ba ditjhaba tsohle;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos