Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 42:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Bonang, taba tsa pele di hlahile; jwale ke le bolella tse ntjha, ke le tsebisa tsona, di eso ho hlahe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Bonang, tsa pele di se di fetile, jwale ke le bolella tse ntjha; ke le phatlalletsa tsona di eso etsahale.”

Ver Capítulo Copiar




Isaia 42:9
16 Referencias Cruzadas  

Haele mora hae, ke tla mo nea leloko le le leng, hore mohlanka wa ka, Davida, a nne a be le lebone le tukang kamehla pela ka Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona ho bea lebitso la ka ho wona.


Bonang, ke a hlahisa ditaba tse ntjha, di se di ya hlaha; na le ke ke la di tseba na? Ke tla phunya tsela naheng e tshehla, le dinoka naheng e omeletseng.


Ditaba tsa pele ke kgale ke di boletse, di tswile molomong wa ka, mme ke di boletse; ka etsa hang, mme tsa etsahala.


ke o boleletse ditaba tsena kgale, ka o tsebisa tsona di eso ho hlahe, o tle o se ke wa re: Modimo wa ka wa setshwantsho ke wona moetsi wa tsona, setshwantsho sa ka se betlilweng, kapa se tsholotsweng, ke sona se di laetseng.


O di utlwile; o di bone kaofela hle; na le ke ke la dumela hoba ho jwalo na? Jwale, ke o tsebisa ditaba tse ntjha, tse neng di patilwe, tseo o neng o sa di tsebe.


Ke le bolella taba eo e sa le jwale, e eso ho hlahe, hore mohla e hlahang, le dumele hobane ke nna.


Haesale le ho hlaheng, Modimo o nnile wa tseba mesebetsi yohle ya wona.


Ha ho a ka ha hlokeha taba leha e le nngwe ya tsohle tse molemo tseo Jehova a neng a di boleletse ntlo ya Iseraele; tsohle tsa etsahala.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos