Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 42:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Naha e masabasaba le metse ya teng, le Bakedare ba ahileng ditenteng, ba phahamise lentswe, ba ahileng mafikeng ba bine, ditlatse di dume diqhoweng tsa dithaba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Lehwatata le metse ya lona le ke le howe, metsana ya Bakedare e nyakalle. Baahi ba Sela ba bine ka thabo, ba howe ba le ditlhorong tsa dithaba.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 42:11
21 Referencias Cruzadas  

Jehova a re ho yena: Ditjhaba tse pedi di ka popelong ya hao; mefuta e mmedi e tla ikarohanya e etswa maleng a hao, setjhaba se tla hlola setjhaba se seng, mme e moholo o tla sebeletsa e monyenyane.


Ke madimabe hakakang, ha ke aheletse Mesheke, leha ke dutse ditenteng tsa Kedare!


Binelang Jehova, hobane o entse taba tse kgolo; di ke di tsejwe lefatsheng lohle.


Bamoabe, isang lekgetho la dikonyana ho mmusi wa lefatshe, le tlohe Sela, le ye ka lefeelleng ho ya kena thabeng ya moradi wa Sione.


Hobane Morena o itse ho nna: Ho sa setse selemo se le seng, se kang selemo sa ya sebeletsang leruo, mme kganya yohle ya Kedare e tla fela.


Ke moo ho loka ho tla ikahela lefeelleng, bokgabane bo hlole bo le teng serapeng.


Naha e tshehla e tla thaba, le lona lefatshe le omeletseng; mahalaopa a tla nyakalla, a mele dipalesa jwaloka leshoma.


Sehlotsa se tla tlola jwaloka kgama, leleme la semumu le tla bina, hobane metsi a tla kolla naheng e tshehla, melatswana e phalle mahalaopeng.


Lentswe la ya howang feelleng le re: Hlekang tsela ya Jehova feelleng, le latse mmila wa Modimo wa rona nahathothe.


Bonang, ke a hlahisa ditaba tse ntjha, di se di ya hlaha; na le ke ke la di tseba na? Ke tla phunya tsela naheng e tshehla, le dinoka naheng e omeletseng.


A matle hakakang dithabeng maoto a ba tlisang ditaba tse molemo, ba bolelang kgotso, ba tlisang taba tse molemo, ba bolelang topollo, ba reng ho Sione: Modimo wa hao o a busa!


Mehlape yohle ya Kedare e tla bokellelwa ho wena, dipheleu tsa Nebajothe di kene tshebeletsong ya hao; di tla hlwella aletareng ya ka, mme ke tla kgabisa ntlo ya kganya ya ka.


Bona, ke na le taba le wena, motse o dutseng kgohlong, lefikeng la lehwatata, ho bolela Jehova; hape ke na le taba le lona le reng: Re ka futuhelwa ke mang? Kapa ke mang ya ka kenang matlung a rona?


Tlohelang metse ya lona, le ahe mafikeng, lona baahi ba Moabe, le be jwaloka maeba a ikgahelang molomong wa mahaha.


Boikakaso ba hao bo o thetsitse, le boikgantsho ba pelo ya hao, ha o ahile mapetsong a mafika, o dutse phahameng ya marallana! Le hoja o ka haha ntlo ya hao phahameng jwaloka ntsu, ke tla o diha teng, ho bolela Jehova.


Tlohang, le nyolohele ho setjhaba se iketlileng, se ahileng ka tshepo, ho bolela Jehova; ha ho menyako leha e le mekwallo ho sona, se ahile se nnotshi.


Baarabia, le marena wohle a Kedare le bona ba ne ba le matleng a hao ho hweba le wena, ba rekisa ka dikonyana, le dipheleu, le diphooko.


Boikgohomoso ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya ahileng mafarung a mafika, tlung ya hao e phahameng, o reng ka pelong ya hao: Ke mang ya tla ntihela fatshe?


Bonang dithabeng maoto a ba bolelang ditaba tse molemo, ba tumisang tsa kgotso! Wena Juda, etsa mekete ya hao, o lefe dikano tsa hao, hobane ya bolotsana ha a sa tla hlola a feta ha hao; o timeditswe ruri.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos