Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 41:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Dihlekehleke tsa bona, mme tsa tshaba, ha thothomela le dipheletso tsa lefatshe. Ba atametse, ba fihlile;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Ba dihlekehlekeng ba ile ba bona, mme ba kenwa ke tshabo, ba pheletsong tsa lefatshe bona ba thothomela, yaba ba a tla, ba atamelana,

Ver Capítulo Copiar




Isaia 41:5
12 Referencias Cruzadas  

Dihlekehleke tsa ditjhaba di ne di arohane ka mafatshe a tsona ke batho bao, mong le mong ka puo ya hae, ka mefuta ya bona, le ka ditjhaba tsa bona.


Ba ahileng pheletsong tsa lefatshe ba tshoha mehlolo ya hao; o thabisa ba ahileng botjhabela le bophirimela.


O lekola lefatshe, o a le nosetsa, o le ruisa haholoholo; metsi a tlala molatswaneng wa Modimo; o lokisetsa batho mabele, ha o lokisa lefatshe jwalo.


Ereng ho Modimo: Mesebetsi ya hao e tshabeha hakakang! Ka baka la boholo ba matla a hao, dira tsa hao di ipea katlase ho wena;


Modimo o tla re hlohonolofatsa, o tshajwe ke dipheletso tsohle tsa lefatshe!


Ditjhaba ha di utlwa, di a thothomela, masisapelo a tshwere baahi ba Filisetia.


Kgutsang, lona dihlekehleke, le mmamele; ditjhaba di tsohe matla, di atamele, di bolele, re yeng tsekong hammoho.


ba thusane, e mong le e mong o bolella ngwanabo, o re: Tiisa matla.


Jwale, dihlekehleke di tla sisimoha tsatsing la ho wa ha hao; dihlekehleke tse lewatleng di tla tshoswa ke bofelo ba hao.


Hobane re utlwile kamoo Jehova a omisitseng metsi a Lewatle le Lefubedu pela lona kateng, mohla le tswang Egepeta, le kamoo le entseng ho marena a mabedi a Baamore kateng, ba mose wane wa Jordane, e leng Sihone le Oge, bao le ba timeditseng.


Empa marena wohle a Baamore, a leng ka nqa bophirimela ho Jordane, le marena wohle a Bakanana, a pela lewatle, ha a utlwa kamoo Jehova a pshesitseng metsi a Jordane kateng, pela bana ba Iseraele, ba ba ba tshela, a nyahama dipelo, mme a fela matla ke ho tshaba bana ba Iseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos