Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 41:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Kgutsang, lona dihlekehleke, le mmamele; ditjhaba di tsohe matla, di atamele, di bolele, re yeng tsekong hammoho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 “Lona dihlekehleke kgutsang kapele ho nna! Ditjhaba a di ke di imatlafatse! A di ke di atamele di bue, re kopaneng mmoho tulong sa kahlolo.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 41:1
22 Referencias Cruzadas  

Jwale, o itlame letheka jwaloka monna, ke tle ke o botse, mme o nthute.


Tlohelang, mme le tsebe hoba ke nna Modimo o busang ditjhaba, o busang lefatshe!


mme le tle, re lokise ditaba, ho bolela Jehova. Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu jwaloka krimsone, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu jwaloka sekarelata, di tla ba tshweu jwaloka boya ba nku.


Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.


Atamelang, lona ditjhaba, le tle le utlwe; lona batho, le mamele! Lefatshe, a le ke le mamele, le tse ho lona kaofela, lefatse le tse tswang ho lona kaofela!


Empa ba itshepelang Jehova ba bona matla a matjha, ba fofa jwaloka ntsu, ba matha, mme ha ba kgathale; ba tsamaya, mme ha ba fokole.


Dihlekehleke tsa bona, mme tsa tshaba, ha thothomela le dipheletso tsa lefatshe. Ba atametse, ba fihlile;


Nkgopotse, re tseke hammoho! Bolela, o tle o bonahale o le ya lokileng!


Ditjhaba kaofela di ke di bokellwe hammoho, batho kaofela ba phuthehe! Ke mang hara bona ya ka bolelang ditaba tsa pele? A ba ke ba hlahise dipaki tsa bona, ba tle ba emelwe; batho a ba ke ba utlwe, mme ba re: Ke teng!


Atamelang ho nna, le mamele! Esale ho hlaheng, ha ke a ka ka bolela sephiring, esale qalong ya morero wa ditaba tsena ke ntse ke le teng; mme jwale, Morena Jehova o nthomile le moya wa hae.


Mmameleng, lona dihlekehleke; le ele hloko, lona ditjhaba tse hole! Jehova o mpitsitse ke sa le popelong; ke sa le mpeng ya mme, o boletse lebitso la ka.


Ya mpeang ya lokileng o haufi. Ya ka ntsekisang ke mang? A re itlhahiseng hammoho! Mohanyetsi wa ka ke mang? A atamele ho nna!


Empa Jehova o ka tempeleng ya hae e kgethehileng ... Lefatshe lohle le ke le thole pela hae!


Lona dibopuwa tsohle, tholang pela Jehova! hobane o tsohile bodulong ba hae bo kgethehileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos