Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 40:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Jwang bo a omella, mme palesa e foforehe, ha e amilwe ke moya wa Jehova; ruri batho ke jwang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Jwang bo a pona, palesa di foforehe, ha moya wa Morena o fokela ho tsona. Ruri batho ba jwaloka jwang.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 40:7
15 Referencias Cruzadas  

O a mela, o kgaolwa jwaloka palesa, o feta jwaloka seriti, mme ha a hlole a eba teng.


ba fediswa ke pudulo ya Modimo, ba timetswa ke phefumoloho ya kgalefo ya wona.


Pudulo ya yona e tshwana le mashala a hlenneng, malakabe a tswa ditleneng tsa yona.


pelo ya ka e tjhele, e omeletse jwaloka jwang; ke lebala le ho ja bohobe ba ka.


Motho, ditshiu tsa hae di jwaloka jwang; o kgaba jwaloka palesa ya naha;


ha moya o feta hodima yona, e se e le siyo, esita le tulo tsa yona ha di sa e tseba.


O a ba kgohola; ba jwaloka toro; hosasa, ba mela jwaloka jwang;


hosasa, bo a palesa, bo mele, mantsiboya bo a helwa, bo pone.


Empa o tla ahlola mafutsana ka ho loka, a bue taba tsa ba banyenyane ba lefatshe ka nnete; o tla otla lefatshe ka thupa ya molomo wa hae, a timetse molotsana ka moya wa melomo ya hae.


Ke ka baka leo baahi ba teng ba hlokileng matla; ba tshohile, ba ferekane; ba jwaloka jwang ba naha bo botala le mohlwa, jwaloka jwang ba serethele se hodima ntlo, le jwaloka koro e tjheleng e eso ho tswale.


Ba re ba sa hlongwa, ba sa jalwa, kutu tsa bona di eso ho ise metso fatshe, a bodule hodima bona, mme ba omelle, ba nkuwe ke sefefo jwaloka mooko.


Ke nna, ke nna ke le tshedisang! Na ke kang ha o ka tshaba motho ya shwang, le ngwana motho ya omellang jwaloka jwang?


Ho ne ho tshepilwe ho hongata, athe ho honyenyane. Le ho thothetse hae, empa ke budutse hodima hona ... Ka baka lang, ho botsa Jehova wa makgotla? Ka baka la ntlo ya ka, hobane e le lesupi ... Athe e mong le e mong ho lona o mathela ntlo ya hae.


Morui yena a ithabele bofutsaneng ba hae; hobane o tla fela jwaloka palesa ya jwang.


Hobane letsatsi le re le sa tjhaba le mofuthumela wa lona, le phakise le pontshe jwang, mme palesa ya jona e we, mme botle ba sebopeho sa jona bo timele; morui le yena o tla pona jwalo metsamaong ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos