Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 4:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ho tla ba le tente e sirelang ho tjhesa ha kganya ya motshehare, e be setshabelo le tshirelo difefong le puleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Tlotla eo ya hae e tla sireletsa motse motjhesong wa letsatsi, e be motse oo ho tshabelwang ho wona mohla dipula le difefo.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 4:6
17 Referencias Cruzadas  

Hobane o tla mpata tabernakeleng ya hae ka matsatsi a mabe, a nkamohele tshirelong ya tente ya hae, a mphahamise hodima lefika.


ke phakise ke fumane lehaha le mpolokang moyeng le sefefong.


Ya dutseng sephiring sa Mookamedi ya phahameng, o phomola moriting wa Ya matla wohle.


Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ya lokileng o balehela ho yona, mme o dula phahameng.


Ho tla thweng ho ba romilweng ke setjhaba? Ho tla thwe: Jehova o theile Sione, ba madimabe ba setjhaba sa hae ba tshabetse teng.


Hobane o bile setshabelo sa ya fokotseng, le qhobosheane ya ya madimabe matswalong a hae, le tshirelo mohla sefefo, le leswiti ha ho tjhesa letsatsi; hobane moya wa bahlorisi o ne o tle jwaloka sefefo se thulanang le lerako.


Jehova o tla utlwahatsa ditlatse tsa lentswe la hae, a bontshe ho oma ha letsoho la hae, le kgalefo ya bohale, le mollo wa lelakabe le tjhesang, le phatloho ya leru, le tsholoho ya pula, le majwe a sefako.


Bonang, morena o tla busa ka ho loka, mahosana le wona a dise ka ho loka.


E mong le e mong wa bona o tla ba jwaloka tshireletso ha moya o foka, jwaloka lehaha ha sefefo se etla, jwaloka molatswana wa metsi naheng e omileng, le jwaloka moriti wa lefika le phahameng naheng e nyorilweng.


E tla ba sehalalelo; empa ho matlo a mabedi a Iseraele e tla ba lejwe le ba kgothometsang, le lefika le ba kgopang, ho ba ahileng Jerusalema e be sefi le leraba.


Ha ho le jwalo, ere: Morena Jehova o re: Morena Jehova o re: Leha ke ba lahletse hara ditjhaba, ke ba qhalanyeditse dinaheng, ho bona ke tla mpe ke be sehalalelo ka motsotso o se o kae dinaheng tseo ba ileng ho tsona.


Ka tumelo, Nowe, eitse hobane a tsebiswe ke Modimo tse esong ho bonahale, o kile a tshaba Modimo, mme a haha areka ho pholosa ba ntlo ya hae, mme ka tumelo eo o tswile lefatshe, le hona a etswa mojalefa wa ho loka ho leng ka tumelo.


hore rona, ba phallelang tshepo eo re e beetsweng pele, re be le tshediso e fetisang ka ho tiya ka baka la ntho tse pedi tse sa sisinyeheng, tseo Modimo o neng o ke ke wa etsa leshano ho tsona.


Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa; ha ba sa tla hlola ba batwa ke letsatsi, leha e le ke lebatama le leng;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos