Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 39:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Yaba Esekiase o re ho Esaia: Lentswe la Jehova leo o le boletseng le molemo. A eketsa a re: Kgotso e tla ba teng le boiketlo, ha ke ntse ke phela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Yaba Hesekiya o re ho Esaya: “Lentswe la Morena, leo o le boletseng, le lokile.” Ka pelong ya hae o ne a re: “Mehleng ya ka re tla phela ka kgotso, re sireletsehile.”

Ver Capítulo Copiar




Isaia 39:8
12 Referencias Cruzadas  

Le mohlomong, leha a ka bolela hore ha a kgahlwe ke nna, ke nna enwa, a ke a etse ka nna kamoo a ratang kateng.


Empa Esekiase a ikokobetsa boikakasong ba pelo ya hae, e le yena le baahi ba Jerusalema, mme kgalefo ya Jehova ha e a ka ya tla ho bona mehleng ya Esekiase.


Ke se ke tla o orosetsa ho bontatao, mme o tla phuthelwa lebitleng la hao ka kgotso, mme mahlo a hao a ke ke a bona dikotsi tsohle tseo ke tla di hlahisetsa motse ona le ba ahileng ho wona. Ba busetsa polelo eo ho morena.


Ke tswile popelong ya mme ke le feela, mme ke tla kgutlela teng ke le feela; Jehova o ne a neile, o boetse o latile: ho roriswe lebitso la Jehova.


Ke a kgutsa, ha ke ahlamise molomo, hobane ke wena ya sebetsang.


Ke mehauhelo ya Jehova e entseng hore re se ke ra timela, hobane mohau wa hae ha o fele;


Na motho ya phelang a ka itshena na? Motho a mpe a ipelaetse ka sebe sa hae!


Moshe a re ho Aarone: Ke seo Jehova a na beng a se boletse, a re: Ke tla halaletswa ka ba emang pela ka, mme ke tla hodiswa mahlong a setjhaba kaofela.


Empa tseo le tshwanetseng ho di etsa ke tsena: Bolelang nnete e mong le e mong ho wa habo; ahlolang ka nnete le ka kahlolo ya kgotso makgotleng a lona;


Ho itima dijo ha kgwedi ya bone, le ho itima dijo ha ya bohlano, le ho itima dijo ha ya bosupa, le ho itima dijo ha ya leshome, ho tla fetohela ntlo ya Juda thabo le nyakallo le mekete e metle; feela, ithateleng nnete le kgotso.


Ka baka leo, le ke le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, o tle o le phahamise nakong e tshwanelang.


Ka baka leo, Samuele a mo tsebisa taba tsohle, a se ke a mo patela letho. Ebile Eli o re: Ke Jehova, a ke a etse kamoo a ratang kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos