Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 38:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Eya o re ho Esekiase: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa ntatao Davida: Ke utlwile thapelo ya hao, ke bone le meokgo ya hao; bona ke ya eketsa matsatsi a hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 “Eya, o bolelle Hesekiya, o re: ‘Morena Modimo wa ntataomoholo Davida, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke bone meokgo ya hao. Ke tla eketsa ditshiu tsa hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 38:5
29 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, ka baka la Davida, Jehova, Modimo wa hae, a mo nea lebone le tukang Jerusalema, ka ho mo hlahlamisa mora hae, le ka ho tiisa Jerusalema.


Jwale, ke re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, o tiisetse ntate Davida, mohlanka wa hao, seo o mmaletseng sona, kamoo o itseng ho yena kateng: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona, ba tsamaya pontsheng ho nna jwalokaha o tsamaile pela ka, ha o ka ke wa hloka motho ya dulang teroneng ya Iseraele pela ka.


Ka selemo sa leshome le metso e mene sa ho busa ha Esekiase, Sankeribe, morena wa Assiria, a futuhela metse yohle ya Juda e marako, mme a e kena.


O ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mahlano, ha a qala ho busa; a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e robileng mono o le mong Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Abi, moradi wa Sakaria.


Yaba Esaia, mora Amotse, o romela ho Esekiase, a re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke utlwile kamoo o ithapeletseng kateng ho nna bakeng sa Sankeribe, morena wa Assiria.


Ka selemo sa boroba meno e le mmedi sa puso ya hae, a sa ntsane a le motjha, a qala ho batla Modimo wa Davida ntatae; mme ka lemo sa leshome le metso e mmedi, a qala ho hlwekisa Juda le Jerusalema ka ho tlosa dinqalo tse diphahameng, le diashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse tsholotsweng.


Erekaha matsatsi a hae a beilwe, mme palo ya dikgwedi tsa hae e tsejwa ke wena, ha o beile moedi oo a ke keng a o tlola,


Ho leng thata mahlong a Jehova, ke lefu la bakgethehi ba hae.


O fodisa ba pelo di hlabehileng, o tlamella maqeba a bona.


Utlwa thapelo ya ka, Jehova, o sekehele mohoweletso wa ka tsebe! O se ke wa thibana ditsebe, ha ke ntse ke lla, hobane ho wena ke moeti le mofeti jwaloka bontate kaofela.


O bala dipaleho tsa ka; o bokelle meokgo ya ka lekukeng la hao. Ha ke re, e ngodilwe bukeng ya hao na?


Jehova o utlwile ho kopa ha ka; Jehova o amohetse thapelo ya ka.


nako e teng ya ho bolaya, e teng nako le ya ho fodisa; nako e teng ya ho qhaqholla, e teng nako le ya ho haha;


Yaba Esaia, mora Amotse, o romela ho Esekiase, a re: Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Ka thapelo eo o nthapetseng ka yona, bakeng sa Sankeribe, morena wa Assiria,


Yaba lentswe la Jehova le fihla ho Esaia, la re:


O utlwile lentswe la ka, ha ke itse: O se ke wa thibella ho fehelwa ha ka le mehoweletso ya ka tsebe ya hao.


Nna, ke Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo; Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke wa ba phelang.


Empa lengeloi la re o yena: Se tshabe, Sakaria, hobane thapelo ya hao e utlwilwe, mme mosadi wa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne.


la re: Pauluse, o se ke wa tshaba; e ka kgona o hlahe pela Sesare, mme bona, Modimo o o neile bohle ba etang le wena sekepeng sena.


Empa Modimo o tshedisang ba kokobetseng, o re tshedisitse ka ho fihla ha Tite.


hobane Konyana e hara terone e tla ba alosa, mme e tla ba isa didibeng tsa metsi a bophelo; mme Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos