Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 38:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 a re: Oho Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao! Mme Esekiase a lla haholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 “Oho, Morena, ke a o kopa: Ako hopole kamoo ke o sebeleditseng kateng ka botshepehi, le ka pelo e se nang mano, mme ka etsa tse lokileng mahlong a hao.” Yaba Hesekiya o lla habohloko.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 38:3
40 Referencias Cruzadas  

Eitse ha Abrame e se e le motho ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong, Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re ho yena: Ke nna Modimo o matla wohle. Tsamaya pela ka, o be kgabane;


Ditaba tsa Nowe ke tsena: Nowe e ne e le motho ya lokileng, ya kgabane mehleng ya hae; mme Nowe o ne a tsamaya le Modimo.


Haele nqalo tse diphahameng, ha a ka a di tlosa; leha ho le jwalo, pelo ya Asa ya nna ya kgomarela Jehova hantle tshiung tsohle tsa ho phela ha hae.


Etlaba moo Jehova a tiisang taba ya hae eo a mpoleletseng yona, ha a re: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona, ba tsamaya pela ka ka mokgwa wa nnete, ka pelo yohle, le ka moya wohle, ha ho ka ke ha hlokeha motho wa lesika la hao teroneng ya Iseraele.


A etsa ho leng hotle mahlong a Jehova, le ka tsohle tse entsweng ke Davida ntatae.


Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.


O nee mora ka Salomone pelo e tletseng thato ya ho boloka ditaelo tsa hao le ditemoso tsa hao le melao ya hao, hore a be a di phethe kaofela ha tsona, mme a hahe ntlohadi eo ke lokisitseng ntho tsa yona.


Setjhaba sa thabela tseo bao ba di ntshitseng ka ho rata; hobane efela e ne e le ka pelo yohle ba neng ba neela Jehova dimpho tsa bona tsa ho rata; le yena morena Davida a di thabela ka thabo e kgolo.


Ruri, mahlo a Jehova a qamaka lefatsheng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela. O entse ka bothoto; hobane ho qala jwale, o tla nne o hlahelwe ke dintwa.


A etsa ho lokileng mahlong a Jehova; empa e seng ka pelo e phethehileng.


Esdrase a re a sa ntsane a rapela, a ipolela, a lla a kgumame pela ntlo ya Modimo, ha bokana ho yena phutheho e kgolo haholo ya Baiseraele, ho le banna le basadi le bana; setjhaba se ne se lla habohloko haholo.


Eitse ha ke utlwa taba tseo, ka dula ka lla, mme ka hlola bofifing ditshiu tse ngatanyana; hape ka itima dijo, ka rapela pela Modimo wa mahodimo,


Oho, Modimo wa ka, o nkgopole ka baka la tseo, mme o se hlakole diketso tsa borapedi tseo ke di etseditseng ntlo ya Modimo wa ka le ntho tse tshwanetseng ho bolokwa!


Hape, ka bolella Balevi hore ba itlhwekise, mme ba tle ho lebela menyako, hore tsatsi la Sabatha le tle le kgethwe. Oho, Modimo wa ka, nkgopole le tabeng ena, mme o nkgauhele ka boholo ba mohau wa hao!


ka lokisa le taba ya dinyehelo tsa dipatsi ka dinako tse beilweng, le ya dilopotsiya. Oho, Modimo wa ka, o nkgopole o tle o nketse hantle!


Oho, Modimo wa ka, elellwa tsohle tseo ke di etseditseng setjhaba sena, o nketse hantle ka baka la tsona!


Ke tla tsamaya ka tlung ya ka ka pelo e lokileng.


Hobane ke ja molora bakeng sa bohobe, ke tswakantse seno sa ka ka meokgo,


Pelo yohle ya ka a e ke e ineele dikomelo tsa hao, hore ke se ke ka hlabiswa dihlong.


Ke beile Jehova pela ka kamehla; nke ke ka sisinyeha, hobane o lehlakoreng la ka le letona.


Hobane mohau wa hao o pela mahlo a ka, mme ke latela nnete ya hao.


Ho lehlohonolo motho eo Jehova a sa mmalleng bokgopo ba hae, eo thetso e leng siyo pelong ya hae!


Ke fela ke masisapelo; ka bosiu bo bong le bo bong, ke kolobisa diphate tsa ka ka meokgo, ke thoposetsa ditao tsa ka ka yona.


Suthelang hole le nna, lona kaofela ba sebetsang bolotsana; hobane Jehova o utlwile lentswe la dillo tsa ka.


Yaba Esekiase o retelehela leboteng, mme a ithapella ho Jehova,


Yaba lentswe la Jehova le fihla ho Esaia, la re:


A betana le lengeloi, a ba a le hlola, a ntse a lla, a le rapela. A le fumana Bethele, mme teng le buile le rona.


Nathanaele a re ho yena: Na ntho e molemo e ka tswa Nasaretha na? Filipi a re ho yena: Tloo, o bone.


Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.


O etse se lokileng le se molemo pela mahlo a Jehova, o tle o iketle, mme o kene, o rue lefatshe le molemo leo Jehova a anetseng bontatao hore o tla ba fa lona,


Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,


Hobane Modimo ha o kgopo; o ke ke wa lebala mesebetsi ya lona, le kamoo lerato la lona le sebeditseng kateng ka baka la lebitso la wona, ha le babaletse bahalaledi, le jwale le sa ba baballa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos